Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 8:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 e leng ditloholo tsa bona tse neng di setse naheng, e leng bao bana ba Iseraele ba neng ba sitilwe ho ba timelletsa ruri, Salomone a kgetha hara bona ba sebetsang ka mokgwa wa bahlanka; le kajeno ke bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 e leng ditloholo tsa bona, tse ileng tsa sala naheng eo, tseo bana ba Iseraele ba sa kang ba di timetsa, a di fetola makgoba ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 8:8
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

le Akishare, modisa wa ntlo; le Adonirame, mora Abda, molaodi wa lekgetho.


Dilemo tse mashome a mabedi tsa feta Salomone a hahile matlo ao a mabedi, ntlo ya Jehova le ntlo ya morena.


e leng ditloholo tsa bona tse neng di setse naheng, e leng bao bana ba Iseraele ba neng ba sitilwe ho ba timelletsa ruri, Salomone a kgetha makgoba hara bona, le kajeno ke wona.


rona, re tla rema difate tsa Lebanone, kahohle kamoo o ka di batlang kateng, re o isetse tsona ka lewatle, di kopantswe hammoho, re di fihlise Jafo; wena o tla di lata teng, o be o di nyolosetse Jerusalema.


Salomone a mpa a se ke a etsa le a mong wa bana ba Iseraele mofo ho sebetsa mosebetsi wa hae; bona ya eba bahlabani, le balaodi ba bahlabani ba hae, le balaodi ba makoloi a hae le bakalli ba hae.


Hape, ha ba ka ba fedisa ditjhaba, jwalokaha Jehova a ne a ba laetse,


Empa ha ba ka ba leleka Bakanana ba ahileng Gesere; Bakanana ba ahile le Baefraime, ba ba sebeletsa ba ntse ba ntsha lekgetho ho fihlela kajeno.


Eitse mohla bana ba Iseraele ba leng matla, ba ntshisa Bakanana lekgetho, ba mpa ba se ke ba ba leleka ruri.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ