Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 8:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 A bea dihlopha tsa baprista ka ho sebetsa ha bona, kamoo ho neng ho laetse ntatae Davida kateng; a bea le Balevikabelong tsa bona tsa ho rorisa Modimo le ho etsa tsa tshebetso pontsheng ya baprista, ka tsatsi le leng le le leng; a bea le balebedi ba menyako, ka dihlopha tsa bona, monyakong o mong le o mong; hobane ho ne ho laetse jwalo Davida, monna wa Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Ho ya ka taelo ya Davida, ntatae, a kgethela dihlopha tsa baprista mesebetsi ya tsona, le Balevi a ba kgethela hore ba rorise Modimo, ba thuse le baprista, ho ya kamoo ho neng ho hlokahala kateng ka letsatsi le letsatsi. A kgetha le dihlopha tsa balebedi ba monyako o mong le o mong wa Tempele, hobane Davida, mohlanka wa Modimo, o ne a laetse jwalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 8:14
33 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Moya wa Jehova o bua ka nna, lentswe la hae le lelemeng la ka.


Yaba monna e mong wa Modimo o tloha Juda, ka taelo ya Jehova, a tla Bethele, Jeroboame a ntse a eme pela aletare, a tjhesa dibano.


Davida a siya Asafe le banababo, hona teng, pela areka ya selekane sa Jehova, hore ba nne ba etse tsa tshebeletso pela areka kamehla, mosebetsi o mong le o mong ka tsatsi la wona;


Hemane le Jeduthune ba ne ba le ho bona, diterompeta le disimbala le diletsa tsa Modimo ba di tshwaretse ba di letsang; haele bara ba Jeduthune, ba ne ba eme monyako.


Davida o ne a se a tsofetse, a hodile haholo; yaba o bea Salomone, mora wa hae, morena wa Iseraele.


Haele bara ba Aarone, dikarolo tsa bona ke tsena: Bara ba Aarone e ne e le Nadabe, Abihu, Eleasare le Ithamare.


Davida hammoho le Tsadoke wa bara ba Eleasare, le Akimeleke wa bara ba Ithamare, ba arola baprista ka dikabelo tsa bona tsa tshebetso.


Yaba Davida le balaodi ba makgotla ba kgetha bara ba bang ba Asafe, le ba Hemane, le ba Jeduthune, ba tle ba porofete ba ithusa ka diharepa le diviole le disimbala. Ke ena palo ya banna ba kentsweng mosebetsing wa tshebetso eo ya bona:


Haele balebedi ba menyako, kamoo ba ileng ba etswa dihlopha kateng ho Bakore, e ne e le Meshelemia, mora Kore, wa bara ba Asafe.


Davida a re: Tsohle tseo, Jehova o nneile kutlwisiso ya tsona ka ho di ngola ka letsoho la hae, ke re, mesebetsi yohle ya tekanyetso eo.


Balebedi ba menyako ke Shallume, Akkube, Thalmone, Akimane, le banababo bona; Shallume e ne e le hlooho ya bona;


Balebedi ba ne ba le ka nqa tse nne, ka nqa botjhabela, le ka nqa bophirimela, le ka nqa leboya, le ka nqa borwa.


A bea balebedi menyakong ya ntlo ya Jehova, hore ho se ke ha kena motho ya nang le ditshila tsa ntho efe le efe.


Ke sena seo le tla se etsa: Ba karolo ya boraro ba lona ba tlang tshebeletsong ka Sabatha, e le baprista le Balevi, ba tla lebela menyako;


Yaba o emisa Balevi ka tlung ya Jehova ba tshwere disimbala le diviole le diharepa, kamoo ho neng ho laetse Davida le Gade seboni sa morena le Nathane moporofeta; hobane taelo eo e ne e tswile ho Jehova ka baporofeta ba hae.


Esekiase a tsosa dihlopha tsa baprista le tsa Balevi dikarolong tsa bona, se seng le se seng ka mofuta wa tshebetso ya sona, e le baprista le Balevi, ho etsa ditjheso le mahlabelo a teboho, ho etsa tshebeletso, le ho rorisa le ho boka Jehova menyakong ya diahelo tsa Jehova.


Tseo tsa tshebeletso eitse ha di se di lokile, baprista ba ema tulong tsa bona, le bona Balevi ka hlopha tsa bona, ka taelo ya morena.


Le tsona dibini, bara ba Asafe, di ne di eme tulong tsa tsona, kamoo ho neng ho laetse Davida kateng, le Asafe, le Hemane, le Jeduthune, seboni sa morena; le bona balebedi ba menyako ba ne ba eme monyakong o mong le o mong; ha ho le a mong ya kileng a tloha tshebeletsong ya hae, hobane Balevi, banababo bona, ba ne ba ba lokiseditse.


Itokiseng, ka matlo a bontata lona le ka dihlopha tsa lona, ka tse ngodilweng ke Davida, morena wa Iseraele, le ka tse ngodilweng ke Salomone, mora hae;


Eitse hobane baprista ba tswe sehalalelong, hobane baprista bohle ba neng ba le teng ba ne ba itlhwekisitse, e seng ka ho ya ka dihlopha tsa bona,


Ha ho a ka ha eba taba, kapa bakeng sa matlotlo, eo ho kileng ha kgelohuwa ho yona taelo eo morena a neng a e laetse baprista le Balevi.


Baprista ba bewa kabelong tsa bona, le Balevi dihlopheng tsa bona, ho tle ho etswe tshebeletso ya Modimo o hona Jerusalema, jwalokaha ho ngodilwe bukeng ya Moshe.


Dihlooho tsa Balevi e ne e le Hashabia, Sherebia, le Joshua, mora Kadmiele; ba ne ba na le banababo bona ho boka le ho rorisa Jehova ka taelo ya Davida, monna wa Modimo, ka dihlopha tse tadimanang.


Haele Matthania, Bakbukia, Abdiase, Meshullame, Thalmone, Akkube, dibohodi le balebedi ba menyako, ba ne ba lebela mediko e pela menyako ya motse.


le banababo e leng Shemaia, le Asareele, Milalai, Gilalai, Maai, Nethaneele, le Juda, le Hanani, ba ena le diletsa tsa Davida, monna wa Modimo. Mongodi Esdrase yena o ne a ba eteletse pele.


Mehleng ya Heroda, morena wa Judea, ho ne ho le moprista ya bitswang Sakaria, wa sehlopha sa Abia; mosadi wa hae e ne e le wa baradi ba Aarone, lebitso la hae e le Elisabetha.


Yare Sakaria ha a sebetsa tsa boprista pela Modimo ka tsatsi la sehlopha sa hae,


Eitse hobane o mo tlose, wa ba hlahisetsa Davida, hore e be morena wa bona, eo o mmoletseng, wa re: Ke fumane Davida, mora Jese, monna ya pelong ya ka, ya tla etsa hoo ke ho ratang hohle.


Athe haele Davida, eitse hobane a phethe ho ratwang ke Modimo ho pheleng ha hae, o ithobaletse, a ba a patwa ho bontatae, mme o bone ho bola.


Ke yona hlohonolofatso Moshe eo monna wa Modimo, a hlohonolofaditseng bana ba Israele ka yona, a eso ho shwe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ