Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 8:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 ka tsatsi le leng le le leng a nna a hlabela ho yona tse laetsweng ke Moshe, tsa Disabatha, le tsa kgwedi tse thwasang, le tsa mekete e beilweng, hararo ka selemo, e leng mokete wa Mahobe a se nang ditomoso, le mokete wa Diveke, le mokete wa Metlotlwane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 A etsa ho ya kamoo ho neng ho hlokahala kateng ka letsatsi le letsatsi, ho latela molao wa Moshe o amanang le disabatha, le mekete ya ho thwasa ha kgwedi, le mekete e meraro e halalelang, e leng mokete wa bohobe bo sa lomoswang, mokete wa dibeke, le mokete wa maphephe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 8:13
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hararo ka selemo, Salomone o ne a hlahisa mahlabelo a ditjheso le mahlabelo a teboho aletareng eo a e hahetseng Jehova, a tjhesa dibano aletareng e pela Jehova. A phetha ntlo jwalo.


Hape, Salomone a romela ho Hurame, morena wa Tire, a re: Nketsetse kamoo o etseditseng ntate Davida kateng, eo o kileng wa mo romela dikedare tsa ho ikgahela ntlo ya ho dula ho yona.


Phutheho kaofela ya ba kgutlileng kgolehong ya etsa metlotlwane jwalo, mme ba dula metlotlwaneng eo. Hobane bana ba Iseraele ba ne ba eso ho etse jwalo, haesale le mehleng ya Joshua, mora Nune, ho fihlela la kajeno. Monyaka wa eba moholo.


O etse mokete wa dibeke, e leng wa dilopotsiya tsa kotulo ya koro, le mokete wa kotulo, ha selemo se fela.


Ba batona ba lona ba hlahe hararo ka selemo pela Morena Jehova, Modimo wa Iseraele.


Haele morena, ke yena ya tla batlela mekete, le dikgwedi tse thwasang, le Disabatha, le diphutheho tsohle tsa ntlo ya Iseraele, ditjheso le dinyehelo le ditshelo. Ke yena ya tla hlaba sehlabelo sa sebe, le nyehelo, le setjheso, le mahlabelo a teboho, ho etsetsa ntlo ya Iseraele pheko ka tsona.


Hararo ka selemo, ba batona bohle ba heno ba tla itlhahisa pela Jehova, Modimo wa hao, nqalong eo a tla e kgetha, mohla mokete wa mahobe a sa lomoswang, le mohla mokete wa Diveke, le mohla mokete wa Metlotlwane: ba se ke ba itlhahisa pela Jehova ba le feela;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ