Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 8:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Salomone a ntoo hlabela Jehova ditjheso aletareng ya Jehova e hahilweng pela mathule;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Solomone a etsetsa Morena dinyehelo tsa setjheso hodima aletare eo a neng a e hahetse Morena kapele ho lethule.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 8:12
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

le kgauta e hlwekileng ya difereko, le ya mafiso, le ye dinwelo; le ya mehope ya kgauta, boima ba yona bo tshwanelang mohope o mong le o mong; le silefera ya mehope ya silefera, boima bo tshwanelang mohope o mong le o mong;


Mme Salomone a nyolohela teng, pontsheng ya Jehova, aletareng ya koporo e leng pela tente ya pokano, a hlahisa ditjheso tse sekete teng.


Eitse ha Asa a utlwa mantswe ao le boporofeta ba Odede moporofeta, a ipha matla, a fedisa manyala lefatsheng lohle la Juda le la Benjamine, le metseng eo a neng a e nkile thabeng ya Efraime, mme a tsosa aletare ya Jehova e pela mathule a Jehova.


Yaba o etsa aletare ya koporo; bolelele ba yona e ne e le ditswe tse mashome a mabedi, bophara e le ditswe tse mashome a mabedi, bophahamo e le ditswe tse leshome.


Haele morena, ke yena ya tla batlela mekete, le dikgwedi tse thwasang, le Disabatha, le diphutheho tsohle tsa ntlo ya Iseraele, ditjheso le dinyehelo le ditshelo. Ke yena ya tla hlaba sehlabelo sa sebe, le nyehelo, le setjheso, le mahlabelo a teboho, ho etsetsa ntlo ya Iseraele pheko ka tsona.


Yaba o nkisa lebaleng le kahare la ntlo ya Jehova, mme ka bona monyako wa ntlo ya Jehova, pakeng tsa mathule le aletare, banna ba batlileng ho etsa mashome a mabedi a metso e mehlano, ba furaletse ntlo ya Jehova, ba tadimile nqa botjhabela, ba kgumametse letsatsi, nqa botjhabela.


Mahareng a mathule le aletare, ha ho lle baprista, bahlanka ba Jehova, ba ke ba re: Oho Jehova, qenehela setjhaba sa hao, o se ke wa neela lefa la hao ho hlomphollwa, ba tle ba songwe ke baditjhaba! Na o re, ho bolelwe hara ditjhaba, ho thwe: Modimo wa bona o kae?


Jesu o ne a itsamaela tempeleng, mathuleng a Salomone.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ