Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 7:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Baprista ba ne ba eme, ba ntse ba sebetsa mosebetsi wa bona, ba ena le Balevi ba tshwereng diletsa tsa Jehova tse neng di entswe ke morena Davida ho rorisa Jehova ka tsona, ba re: Hobane mohau wa hae ke o sa feleng! Ha na ha etswa jwalo le mohla Davida a neng a mo rorisa ka tsona. Mme baprista ba ne ba letsa diterompeta, ba eme mabapa le bona, Baiseraele bohle le bona ba eme ka maoto.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Baprista ba eba ditulong tsa bona, le Balevi ba neng ba letsa diletsa tsa Morena tsa mmino, tseo kgosi Davida a neng a di etseditse ho rorisa Morena. Balevi, ba shebane le baprista, ba letsa diterompeta, ba boka Morena, ba re: “Mohau wa hae ke wa kamehla yohle.” Baiseraele bohle bona ba ne ba eme ka maoto.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 7:6
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida le Baiseraele kaofela ba ne ba letsa pela Modimo ka matla wohle a bona, ba bina ka diharepa, le diviole, le meropa, le disimbala, le diterompeta.


Baprista Shebania, Josafate, Nethaneele, Amasai, Sakaria, Benaia le Eliesere, ba ne ba letsa diterompeta pela areka ya Modimo, mme Obed-Edomo le Jehia e ne e le balebedi ba menyako bakeng sa areka.


Rorisang Jehova, hobane o molemo, hobane mohau wa hae o hlola ka ho sa feleng.


Jehojada a beela baprista ba Balevi dikabelo tsa mosebetsi wa ntlo ya Jehova, e le bao Davida a neng a ba arotse ho hlabela Jehova ditjheso ka tlung ya Jehova, kamoo ho ngodilweng molaong wa Moshe kateng, ka thabo le ka dipina kamoo Davida a laetseng kateng.


Yaba o emisa Balevi ka tlung ya Jehova ba tshwere disimbala le diviole le diharepa, kamoo ho neng ho laetse Davida le Gade seboni sa morena le Nathane moporofeta; hobane taelo eo e ne e tswile ho Jehova ka baporofeta ba hae.


Esekiase a laela hore ho hlahiswe setjheso aletareng; motsotsong oo setjheso se qadilweng ka wona, ha qaleha le pina ya Jehova hammoho le diterompeta, di thusana le diletsa tsa Davida, morena wa Iseraele.


le Balevi kaofela, e leng dibini, boAsafe, le Hemane, le Jeduthune, le bara ba bona le banababo bona, ha ba ntse ba eme ka nqa botjhabela ho aletare, ba apere lene e ntle, ba tshwere disimbala, le diviole, le diharepa, ba ena le baprista ba lekgolo le mashome a mabedi ba letsang diterompeta;


ba letsang le ba binang, eitse ha ba kopanya mantswe jwaloka eka ke la motho a le mong, ho rorisa le ho boka Jehova, mme ba phahamisa mantswe, ha ho ntse ho letswa diterompeta le disimbala le diletsa tse ding, ba boka Jehova, ba re: Hobane o molemo, hobane mohau wa hae ke o sa feleng; ntlo, ntlo ya Jehova ya tlala leru;


Bana bohle ba Iseraele ba bona mollo le kganya ya Jehova ha di theohela tlung, mme ba inama ba kobotetse fatshe, ba kgumama, ba boka Jehova, ba re: Hobane o molemo; hobane mohau wa hae ke o sa feleng!


Morena Salomone a hlaba sehlabelo sa dikgomo tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi le sa dinku tse dikete tse lekgolo le nang le mashome a mabedi. Morena le setjhaba kaofela ba kgethela Modimo ntlo jwalo.


Baprista ba bewa kabelong tsa bona, le Balevi dihlopheng tsa bona, ho tle ho etswe tshebeletso ya Modimo o hona Jerusalema, jwalokaha ho ngodilwe bukeng ya Moshe.


Bokang Jehova! Rorisang Jehova, hobane o molemo; hobane mohau wa hae ke o sa feleng!


Rorisang Jehova, hobane o molemo, hobane mohau wa hae ke o sa feleng.


Jehova o tla phetha tsohle sebakeng sa ka. Jehova, mohau wa hao ke o sa feleng. O se ke wa tlohela mesebetsi ya matsoho a hao.


Dibini le dihobedi di tla re: Didiba tsohle tsa ka di ho wena.


Ka baka leo, setjhaba sa ka se tla tseba lebitso la ka, se tsebe ka tsatsi leo, hobane ke nna ya bolelang; ke nna enwa.


Ba ntse ba bina dipina tsa bosawana modumong wa diharepa; ba iqapela mesebetsi e tidinngwang, jwaloka Davida.


Baprista ba supileng ba tshware diterompeta tse supileng tse tlerolang, ba etelle areka pele; ka tsatsi la bosupa, le potolohe motse hasupa, mme baprista ba letse diterompeta.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ