Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 7:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Morena Salomone a hlaba sehlabelo sa dikgomo tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi le sa dinku tse dikete tse lekgolo le nang le mashome a mabedi. Morena le setjhaba kaofela ba kgethela Modimo ntlo jwalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Kgosi Solomone a nyehela ka dipohwana tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi, le ka dikgutshwane tse dikete tse lekgolo le mashome a mabedi. Jwale kgosi, mmoho le setjhaba, ya kgakola Tempele ya Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 7:5
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka la hosasane, ba hlabela Jehova mahlabelo, mme ba ntshetsa Jehova ditjheso tsa dipohwana tse sekete, le tsa dipheleu tse sekete, le tsa dikonyana tse sekete, ka ditshelo tsa tsona, le mahlabelo a mangata a Baiseraele kaofela.


Mme Salomone a nyolohela teng, pontsheng ya Jehova, aletareng ya koporo e leng pela tente ya pokano, a hlahisa ditjheso tse sekete teng.


Tsatsing leo, ba hlabela Jehova dintho tse ding tsa kgapo eo ba tlileng le yona, e le dikgomo tse makgolo a supileng, le dinku tse dikete tse supileng.


Bona, ke rerile ho hahela lebitso la Jehova, Modimo wa ka, ntlo, ke tle ke mo kgethele yona, ke mo tjhesetse dibano tse nkgang hamonate ho yona, le ho mmeela kamehla mahobe a pontsha le ditjheso tsa hosasa le tsa mantsiboya, le tsa Disabatha, le tsa dikgwedi tse thwasang, le tsa mekete ya Jehova, Modimo wa rona, kamoo e leng tshwanelo ya Iseraele kateng, ka ho sa feleng.


Hobane Esekiase, morena wa Juda, o ne a ntsheditse phutheho dipoho tse sekete le dinku tse dikete tse supileng; mahosana a ne a ntsheditse phutheho dipoho tse sekete le dinku tse dikete tse leshome; mme baprista ba bangata ba ne ba ikgalaleditse.


Morena Salomone le phutheho yohle ya Iseraele, e le ba neng ba memilwe ho tla ho yena, ba ema pela areka, ba hlaba dinku le dikgomo tse ke keng tsa bolelwa le ho balwa ka baka la bongata ba tsona.


Yaba morena le setjhaba kaofela ba hlabela Jehova mahlabelo.


Baprista ba ne ba eme, ba ntse ba sebetsa mosebetsi wa bona, ba ena le Balevi ba tshwereng diletsa tsa Jehova tse neng di entswe ke morena Davida ho rorisa Jehova ka tsona, ba re: Hobane mohau wa hae ke o sa feleng! Ha na ha etswa jwalo le mohla Davida a neng a mo rorisa ka tsona. Mme baprista ba ne ba letsa diterompeta, ba eme mabapa le bona, Baiseraele bohle le bona ba eme ka maoto.


Haele morena, ke yena ya tla batlela mekete, le dikgwedi tse thwasang, le Disabatha, le diphutheho tsohle tsa ntlo ya Iseraele, ditjheso le dinyehelo le ditshelo. Ke yena ya tla hlaba sehlabelo sa sebe, le nyehelo, le setjheso, le mahlabelo a teboho, ho etsetsa ntlo ya Iseraele pheko ka tsona.


Na Jehova o tla kgahlwa ke pheleu tse dikete, ke mashome a dikete a dinoka tsa ole? A ke tla ntsha mora wa ka wa letsibolo bakeng sa bokgopo ba ka, ke ntshe ya tswileng maleng a ka bakeng sa sebe sa moya wa ka na?


Ka tsatsi leo aletare e neng e kgakolwe ka lona, mohla e tlotswang, marena a tlisa dikabelo tsa wona, marena a hlahisa dikabelo tsa wona pela aletare.


Mokete wa Ntjhafalo ya tempele o no o etswa Jerusalema; e ne e le mariha.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ