Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 7:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ha ho le jwalo, mahlo a ka a tla qamakisisa, le tsebe tsa ka di sekehelwe thapelo e bewang nqalong ena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Mahlo a ka a tla ba ntjhotjho, ditsebe tsa ka di be lethwethwe ho utlwa dithapelo tse tla etsetswa sebakeng sena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 7:15
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mahlo a hao a nne a qamakisise ntlo ena motshehare le bosiu, e leng nqalo eo o itseng bakeng sa yona, Lebitso la ka le tla ba ho yona; o mamele thapelo ya mohlanka wa hao eo a tla e bea nqalong ena.


le mahlo a hao a nne a qamakisise ntlo ena motshehare le bosiu, e leng nqalo eo o itseng, o tla bea lebitso la hao ho yona; o mamele thapelo eo mohlanka wa hao a tla e bea nqalong ena.


Jwale, Modimo wa ka, mahlo a hao a ele sedi, mme ditsebe tsa hao di hlwaolohele thapelo e bewang nqalong ena!


Oho hle, tsebe ya hao a e ke e sekehwe, mme mahlo a hao a ke a tutubolohe, o tle o utlwe thapelo ya mohlanka wa hao eo ke ntseng ke e nyolosetsa ho wena mehleng ya jwale, motshehare le bosiu ke rapella ka yona bahlanka ba hao, bana ba Iseraele, ke ntse ke bolela dibe tsa bana ba Iseraele, tseo re o sitetsweng ka tsona. Hobane nna le ntlo ya ntate, re sitilwe.


Morena, utlwa lentswe la ka; ditsebe tsa hao a di ke di sekehelwe thapelo ya ka!


Wena ya utlwang merapelo, batho bohle ba tla tla ho wena.


Jehova, sekeha ditsebe tsa hao, o mamele! Jehova, tutubolla mahlo a hao, mme o bone; o mamele mantswe wohle ao Sankeribe a a rometseng ho nyedisa Modimo o utlwang ka wona.


Ke naha eo Jehova, Modimo wa hao, a e baballang, eo mahlo a Jehova, Modimo wa hao, a e tadimang kamehla, ho qala ha selemo se thwasa, ho isa ha selemo se fela.


Hobane mahlo a Morena a tadima ba lokileng, mme ditsebe tsa hae di mamela thapelo ya bona; empa sefahleho sa Morena se bohale ho ba etsang hampe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ