2 Dikronike 7:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)14 ha setjhaba sa ka se bitswang ka lebitso la ka, se ka ikokobetsa, sa rapela, sa batla sefahleho sa ka, sa fapoha tsela tsa sona tse kgopo, le nna ke tla utlwa ke le mahodimong, ke tla lebala sebe sa bona, mme ke tla fodisa lefatshe la bona. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE14 haeba setjhaba sa ka, se bitswang ka nna, se ka ikokobetsa, sa rapela, sa mpatla, mme sa kgutla mekgweng ya sona e kgopo, ke tla utlwa ke le lehodimong, ke se tshwarele sebe sa sona, mme ke ntjhafatse naha ya sona. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
o mamele, o le mahodimong, tulong tsa hao, mme o etse ka tsohle tseo motho eo wa moditjhaba a tla di kopa ho wena, hore ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tle di tsebe lebitso la hao, mme di tshabe, jwalokaha setjhaba sa hao sa Iseraele se o tshaba; mme di tsebe hobane lebitso la hao le rapelwa hodima ntlo ena ke e hahileng.
Mora motho, ere ho bana ba letjhaba la heno: Ho loka ha ya lokileng ha ho ka ke ha mo namolela tsatsing la boikgantsho ba hae, bolotsana ba molotsana ha bo ka ke ba mo diha tsatsing leo a bakang bolotsaneng ba hae; ho jwalo le ya lokileng, ha a ka ke a phela ka ho loka ha hae tsatsing leo a sitwang ka lona.