Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 7:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e meraro la kgwedi ya bosupa, Salomone a kgutlisa setjhaba, ba ikela hae ditenteng tsa bona ka thabo le ka pelo tse nyakaletseng ke molemo oo Jehova a o etseditseng Davida le Salomone le setjhaba sa hae sa Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e meraro la kgwedi ya bosupa, Solomone a qhala setjhaba hore se ye malapeng a sona. Setjhaba se ne se thabile, se nyakaletse, ka baka la molemo wohle oo Morena a o etseditseng Davida, le Solomone, le setjhaba sa hae sa Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 7:10
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka letsatsi la boroba meno e le mmedi, Salomone a kgutlisa setjhaba; hobane ba hlohonolofatse morena, ba ikela hae tenteng tsa bona ka pelo tse thabileng, tse nyakaletseng ke molemo wohle oo Jehova a o etseditseng Davida, mohlanka wa hae, le setjhaba sa hae sa Iseraele.


Esekiase le setjhaba sohle ba thaba, ke hobane Modimo o ne o ratisitse setjhaba; etswe taba eo ya etsahala e sa ka ya rerwa.


Thabo e kgolo ya eba teng Jerusalema; hobane haesale mehleng ya Salomone, mora Davida, morena wa Iseraele, ho ne ho sa ka ha etswa ho hokalo Jerusalema.


Mme jwale, ema, Jehova Modimo! Tloo tulong tsa phomolo ya hao, e le wena le areka ya boholo ba hao! Jehova Modimo, baprista ba hao ba ke ba apeswe poloko, mme ba o ratang bohle ba thabele molemo wa hao.


Salomone a phetha ntlo ya Jehova jwalo le ntlo ya morena; Salomone a phetha le tsohle tseo a neng a lakaditse ho di etsa tlung ya Jehova le tlung ya hae.


Ka letsatsi la boroba meno e le mmedi, ha etswa phutheho e kgethehileng; ke ha ba se ba entse kgakolo ya aletare ka matsatsi a supileng le mokete ka matsatsi a mang a supileng.


Ba re ho bona: Eyang, le je tse nonneng, le nwe tse monate, mme le romele ba sa kang ba lokisetswa letho diabo; hobane tsatsi lena ke le kgethetsweng Morena wa rona; hape, le se ke la itlhomodisa; hobane thabo ya Jehova ke matla a lona.


Sebeletsang Jehova ka nyakallo, le itlhahise pela sefahleho sa hae ka dipina!


Ithoriseng ka lebitso la hae le halalelang; pelo tsa ba batlang Jehova a di ke di thabe!


ke tle ke bone lehlohonolo la bakgethwa ba hao, ke ithabise ka thabo ya setjhaba sa hao, ke ithorise hammoho le lefa la hao.


Ithabiseng ka Jehova, le nyakalle ho yena, lona ba lokileng; mme le bine, lona bohle ba pelo tse lokileng!


Hobane o nthabisa, Jehova, ka diketso tsa hao, ke nyakalatswa ke mesebetsi ya diatla tsa hao.


Jethro, moprista wa Midiane, mohwehadi wa Moshe, a utlwa tsohle tseo Modimo o di etseditseng Moshe le Iseraele, setjhaba sa wona, le hoba Jehova o ntshitse Iseraele Egepeta.


Ka kgwedi ya bosupa, ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi, mohla mokete, o tla hlaba ntho di le ding ka matsatsi a supileng: sehlabelo se le seng sa sebe, setjheso se le seng, nyehelo e le nngwe, le ole e lekaneng.


A ba isa ka tlung ya hae, a bea dijo pela bona, mme a thaba kahobane a dumetse ho Modimo hammoho le ba ntlo ya hae kaofela.


Ba ne ba tiisetsa tempeleng ka matsatsi wohle, ba le pelo e le nngwe; enereha ba etswa tlung e nngwe, ba ne ba kena ho e nngwe, ba ntse ba ngwatha bohobe; ba ne ba eja dijo tsa bona ka thabo le ka dipelo tse monate,


Le tla thaba pela Jehova, Modimo wa lona, lona le bara ba lona, le baradi ba lona, le bahlanka ba lona ba batona, le ba batshehadi, le Molevi ya menyakong ya lona; hobane yena ha a na kabelo le lefa jwaloka lona.


empa ke pela Jehova, Modimo wa hao, nqalong eo Jehova, Modimo wa hao, a tla e kgetha, o tla ja tseo, wena, le mora wa hao, le moradi wa hao, le mohlanka wa hao e motona le e motshehadi, le Molevi ya menyakong ya hao, mme o tla nyakalla pela Jehova, Modimo wa hao, ka tsohle tseo o di ruileng ka matsoho a hao.


Le tla ja teng pela Jehova, Modimo wa lona, le ithabise, lona le ba matlo a lona, ka mesebetsi yohle ya matsoho a lona, eo Jehova, Modimo wa hao, a o hlohonolofaditseng ka yona.


O thabe pela Jehova, Modimo wa hao, wena, le mora wa hao, le moradi wa hao, le mohlanka wa hao e motona, le e motshehadi, le Molevi ya menyakong ya hao, le moditjhaba, le kgutsana, le mosadi wa mohlolohadi ya leng ha eno, nqalong eo Jehova, Modimo wa hao, a tla e kgetha ho bea lebitso la hae ho yona.


Mokete oo wa hao o thabelwe ke wena, le ke mora wa hao, le ke moradi wa hao, le mohlanka wa hao e motona, le e motshehadi, le Molevi, le moditjhaba, le kgutsana, le mosadi wa mohlolohadi, ba ahileng menyakong ya hao.


Ithabeleng Moreneng kamehla; ke boela ke rialo, ke re: Ithabeleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ