2 Dikronike 6:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)5 Esale ha ke ntsha setjhaba sa ka naheng ya Egepeta, ha ke a ka ka kgetha motse o mong metseng ya meloko yohle ya Iseraele, hore ho hahuwe ntlo teng, hore lebitso la ka le be ho yona; mme ha ke a ka ka kgetha motho e mong hore e be modisa wa setjhaba sa ka sa Iseraele; အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE5 ‘Ho tloha mohla ke ntshang setjhaba sa ka Egepeta, ha ho motse, hara merabe ya Iseraele, oo nkileng ka o kgetha hore ke hahe Tempele eo ke tla dula ho yona ho wona, mme ha ke eso kgethe motho hore e be mmusi wa setjhaba sa ka sa Iseraele. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Morena Roboame a ipha matla Jerusalema, a nna a busa; o ne a le dilemo tse mashome a mane a motso o mong, ha a qala ho busa, a busa ka dilemo tse leshome le metso e supileng Jerusalema, e leng motse oo Jehova a neng a o kgethile hara meloko yohle ya Iseraele, ho bea lebitso la hae ho wona. Lebitso la mmae e ne e le Naama, Moammone.
Nqalo e tla ba teng eo Jehova, Modimo wa lona, a tla e kgetha ho bea lebitso la hae ho yona; ke moo le tla tlisa ntho tsohle tseo ke le laelang tsona, ditjheso tsa lona, le mahlabelo a lona, le karolo ya leshome ya dintho tsa lona, le dikabelo tse ntshwang ke matsoho a lona, le tsohle tse kegthilweng tsa dikano tsa lona, tseo le di baletseng Jehova.