Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 6:42 - Sesotho 1909/1961 (SO)

42 Jehova Modimo, o se ke wa furalla motlotsuwa wa hao; o elellwe mehauhelo e neilweng mohlanka wa hao Davida!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

42 Oho, Morena Modimo, se furalle motlotsuwa wa hao, hopola lerato la hao ho Davida mohlanka wa hao.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 6:42
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

a tlotswe teng ke moprista Tsadoke le moporofeta Nathane, e be morena wa Iseraele; le letse terompeta, le re: Ha ho phele morena Salomone!


Jale, ke tla qela ntho e le nngwe ho wena; o se ke wa nkganela le yona. Bathe-Sheba a re ho yena: E bolele.


Jehova, hopola Davida le dihloreho tsa hae kaofela,


Ka baka la Davida, mohlanka wa hao, o se ke wa furalla motlotsuwa wa hao!


Marena a lefatshe a phuthehetseng, le mahosana a bokanetseng ho tsohela Jehova le motlotsuwa wa hae matla?


Hobane tsatsi le le leng le dulwang mabaleng a ntlo ya hao, le fetisa matsatsi a mang a sekete a dulwang hosele. Ho dula mathuleng a ntlo ya Modimo wa ka ke a ho rata ho fetisa ho dula ditenteng tsa bakgopo.


Botshepehi ba ka le mohau wa ka di tla ba le yena, mme lenaka la hae le tla hola lebitsong la ka;


Ke tla mmolokela mohau wa ka ka ho sa yeng kae; selekane sa ka le yena e tla ba sa mehla le mehla.


Sekehang ditsebe, le tle ho nna! Mamelang, meya ya lona e tle e phele! Mme ke tla le sitsa ka selekane sa kamehla sa mehau e tiileng e baletsweng Davida.


Moya wa Morena Jehova o dutse ho nna, hobane Jehova o ntlotsitse hore ke tle ke bolelle ba madimabe taba tse molemo; o nthomile ho fodisa ba robehileng dipelo, ho bolella ba tlamilweng tokoloho, le ho tsebisa ba teronkong ho bulwa ha yona;


Pontsho ya hobane o mo tsositse bafung, hore a se hlole a kgutlela ho boleng, o boletse jwalo, wa re: Ke tla le nea mehauhelo e kgethehileng ya Davida, e tiileng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ