Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 6:40 - Sesotho 1909/1961 (SO)

40 Jwale, Modimo wa ka, mahlo a hao a ele sedi, mme ditsebe tsa hao di hlwaolohele thapelo e bewang nqalong ena!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

40 “Modimo wa ka, mahlo a hao a ke a be ntjhotjho, le ditsebe tsa hao di be lethwethwe, o utlwe dithapelo tse etsetswang sebakeng sena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 6:40
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mahlo a hao a ke a ele thapelo ya mohlanka wa hao le kopo ya setjhaba sa hao sa Iseraele seli, hore o se utlwe ho tsohle tseo se ka di qelang ho wena.


Jehova a re ho yena: Ke utlwile thapelo ya hao le kopo ya hao eo o mpeetseng yona; ke halaleditse ntlo eo o e hahileng, ke tle ke bee lebitso la ka ho yona kamehla; mahlo a ke le pelo ya ka di tla ba ho yona kamehla.


Jehova, sekeha tsebe ya hao, o utlwe; Jehova, tutubolla mahlo a hao, mme o bone, o utlwe mantswe ao Sankeribe a romileng motho ho nyedisa Modimo o phelang ka wona.


Ruri, mahlo a Jehova a qamaka lefatsheng lohle hore a emele bao pelo tsa bona e leng tsa hae kaofela. O entse ka bothoto; hobane ho qala jwale, o tla nne o hlahelwe ke dintwa.


le mahlo a hao a nne a qamakisise ntlo ena motshehare le bosiu, e leng nqalo eo o itseng, o tla bea lebitso la hao ho yona; o mamele thapelo eo mohlanka wa hao a tla e bea nqalong ena.


o mamele thapelo ya bona le kopo ya bona, o le mahodimong, tulong tsa hao, o ba emele nyeweng ya bona, mme u tshwarele setjhaba sa hao se o sitetsweng.


Ha ho le jwalo, mahlo a ka a tla qamakisisa, le tsebe tsa ka di sekehelwe thapelo e bewang nqalong ena.


Oho hle, Jehova, tsebe ya hao a e ke e sekehele thapelo ya mohlanka wa hao le thapelo ya bahlanka ba hao ba ithatetseng ho tshaba lebitso le hao; o ke o atlehise mohlanka wa hao kajeno, mme o mo fumantshe mohau pela monna eno. Ke ne ke le moqhatsetsi wa morena.


Oho hle, tsebe ya hao a e ke e sekehwe, mme mahlo a hao a ke a tutubolohe, o tle o utlwe thapelo ya mohlanka wa hao eo ke ntseng ke e nyolosetsa ho wena mehleng ya jwale, motshehare le bosiu ke rapella ka yona bahlanka ba hao, bana ba Iseraele, ke ntse ke bolela dibe tsa bana ba Iseraele, tseo re o sitetsweng ka tsona. Hobane nna le ntlo ya ntate, re sitilwe.


hobane o ntshekehetse tsebe; ke tla mo rapela ke hona ka matsatsi wohle a ho phela ha ka.


Jehova, Modimo wa ka, tadima, o nkutlwe! O edise mahlo a ka, hore ke tle ke se ke ka robala boroko ba lefu;


Morena, utlwa lentswe la ka; ditsebe tsa hao a di ke di sekehelwe thapelo ya ka!


Jehova, mamela ho loka; o sekehele mehoweletso ya ka tsebe; o utlwe ha ke rapela ka molomo o se nang thetso!


Phakisa o mpoloke! O be lefika ho nna, le setshabelo, le qhobosheane ya poloko!


Mahlo a Jehova a ntse a tadimile ba lokileng, ditsebe tsa hae di bulehetse mehoo ya bona.


Jehova, Modimo wa ka, ha ke entse ho hong, ha bokgopo bo le matsohong a ka,


Jehova, Modimo wa poloko ya ka, ke howa pela hao motshehare le bosiu.


Jehova, sekeha ditsebe tsa hao, o mamele! Jehova, tutubolla mahlo a hao, mme o bone; o mamele mantswe wohle ao Sankeribe a a rometseng ho nyedisa Modimo o utlwang ka wona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ