Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 6:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 o tshwarele, mme o nee e mong le e mong ka metsamao ya hae, kamoo o tsebang pelo ya hae kateng; hobane ke wena o nnotshi o tsebang dipelo tsa bana ba batho,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

30 o utlwe o le leahong la hao le lehodimong, o ba tshwarele. Motho ka mong o mo putse ho ya ka diketso tsa hae, hobane o tseba pelo ya hae. Ke wena, mme ke wena feela, ya tsebang dipelo tsa batho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 6:30
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

o mamele, o le mahodimong, tulong tsa hao, o tshwarele, o etse, o nee e mong le e mong ka metsamao ya hae, kamoo o tsebang pelo ya hae kateng; hobane ke wena o nnotshi o tsebang dipelo tsa bana ba batho bohle;


Haele wena, mora ka Salomone, hlokomela Modimo wa ntatao, mme o o sebeletse ka pelo yohle ya hao le ka moya o o ratang; hobane Jehova o botsisisa dipelo tsohle, mme o lekola merero yohle le mehopolo yohle. Ekare ha o mo batla, o tla fumanwa ke wena; ha o mpa o mo furalla, o tla o lahla ka ho sa feleng.


Hape, Modimo wa ka, ke a tseba hoba o lekola pelo, mme o kgahlwa ke ho loka. Haele nna, ha ke o neetse ntho tseo kaofela ka ho rata, ke ka ho loka ha pelo ya ka; mme jwale ke thabile ha ke bona setjhaba sa hao se leng mona se o ntshetsa dimpho tsa sona ka ho rata.


O nee mora ka Salomone pelo e tletseng thato ya ho boloka ditaelo tsa hao le ditemoso tsa hao le melao ya hao, hore a be a di phethe kaofela ha tsona, mme a hahe ntlohadi eo ke lokisitseng ntho tsa yona.


mohlang oo, leha e ka ba mang le mang, hara setjhaba sa hao sohle sa Iseraele, ya beang thapelo le kopo, ka ho itseba e mong le e mong lefu la hae le bohloko ba hae, mme a otlolella nqa tlung ena matsoho a hae, o mamele o le mahodimong, tulong tsa hao,


hore ba tle ba o tshabe ka matsatsi wohle ao ba tla phela lefatsheng leo o le neileng bontata rona, mme ba tsamaye ditseleng tsa hao.


le wona mohau ke wa hao, Morena, hobane o busetsa ho e mong le e mong ho lekanang mesebetsi ya hae.


Thebe ya ka e ho Modimo o lwelang ba pelo tse lokileng.


Nqalo ya bafu le sehoko di pontsheng ho Jehova; haholo jwalo dipelo tsa batho.


Ke nna Jehova ke lekolang pelo, ke lekang matheka, ke tle ke busetse ho e mong le e mong ka mokgwa wa hae le ka tholwana ya diketso tsa hae.


Ha ho le jwalo, ke tla le ahlola e mong le e mong ka tsela tsa hae, lona ba ntlo ya Iseraele: ho rialo Morena Jehova. Kgutlang, le sokolohe ditlolong tsohle tsa lona, hore bokgopo bo se ke ba le kgothometsa.


Hobane Mora motho o tla tla ka kganya ya Ntatae le mangeloi a hae; mme mohlang oo, o tla nea e mong le e mong ka tekanyo ya diketso tsa hae.


le kahobane a ne a sa tshwanele a ka bolellwa tsa motho ke e mong; hobane o ne a itsebela se leng teng ka ho motho.


Ha ho sebopuwa se seng pepeneneng ho wona; empa tsohle di hlobotse, di senohile mahlong a eo re nang le ditaba le yena.


Ke tla bolaya bana ba hae ka lefu; mme dikereke tsohle di tla tseba hobane ke nna ya lekolang matheka le dipelo; mme ke tla putsa e mong le e mong wa lona ka ho lekanang mesebetsi ya hae.


Jehova a re ho Samuele: O se ke wa tadima tshobotsi ya hae, leha e le bolelele ba seemo sa hae; nna ke mo lahlile; hobane Jehova ha a bone kamoo motho a bonang kateng; hobane motho o tadima tshobotsi, empa Jehova yena o tadima pelo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ