Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 6:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 mohlang oo, leha e ka ba mang le mang, hara setjhaba sa hao sohle sa Iseraele, ya beang thapelo le kopo, ka ho itseba e mong le e mong lefu la hae le bohloko ba hae, mme a otlolella nqa tlung ena matsoho a hae, o mamele o le mahodimong, tulong tsa hao,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

29 thapelo kapa kopo efe le efe, e etswang ke motho ofe le ofe, kapa setjhaba sa hao sohle sa Iseraele, kamoo motho ka mong a ka susumetswang ke matshwenyeho a hae le ditlokotsi tsa hae kateng, eba o otlollela matsoho a hae Tempeleng ena,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 6:29
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha re ka tshoha re hlahelwa ke kotsi, kapa ke lerumo, kapa kahlolo, leha e le lefu la sewa, kapa tlala, re tla nne re itlhahise pela ntlo ena le pela hao, etswe lebitso la hao le le tlung ena, mme re tla howeletsa ho wena re le mahareng a mahlomola a rona, mme o tla re mamela, o be o re pholose!


Leha tlala e wele lefatsheng, leha e le lefu la sewa, leha e le boroku, kapa phori, leha ho wele tsie, kapa hlafa, leha dira tsa bona di ka ba qotetsa lefatsheng la metse ya bona, leha ho hlahile tlokotsi efe le efe, kapa pabo efe le efe,


o tshwarele, mme o nee e mong le e mong ka metsamao ya hae, kamoo o tsebang pelo ya hae kateng; hobane ke wena o nnotshi o tsebang dipelo tsa bana ba batho,


O ntoo bitsa ho nna ka letsatsi la matswalo; ke tla o namolela, mme o tla nkgodisa!


O tla bitsa ho nna, mme ke tla mo araba; ke tla ba haufi le yena matswalong, ke mo ntshe ho wona, ke mo tlotlise.


Pelo e itsebela ho baba ha yona; le teng, ho thaba ha yona ho ke ke ha kopanelwa ke motho e mong.


Leha le ka otlollela matsoho ho nna, ke tla lebisa mahlo a ka hosele; leha le ka atisa dithapelo tsa lona, nke ke ka di mamela: matsoho a lona a tletse madi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ