Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 6:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Leha tlala e wele lefatsheng, leha e le lefu la sewa, leha e le boroku, kapa phori, leha ho wele tsie, kapa hlafa, leha dira tsa bona di ka ba qotetsa lefatsheng la metse ya bona, leha ho hlahile tlokotsi efe le efe, kapa pabo efe le efe,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

28 “Haeba naha e ena le sekoboto, ho ena le lefu la sewa, le lebabo, le boroku, le ditsie kapa bookgolane, eba dira tsa setjhaba sena di etsetsa metse ya sona thibella, leha ho ka ba le sewa sefe le sefe, kapa malwetse afe le afe,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 6:28
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Elisha a ntoo bolella mosadi eo a pholositseng mora hae, a re: Tloha, o ikele le ba ntlo ya hao, o ye ho jaka moo o ka jakang teng; hobane Jehova o laelitse tlala, mme e fela e tla wa lefatsheng ka dilemo tse supileng.


Kamora taba tseo, le kamora diketso tseo tsa bokgabane, ha fihla Sankeribe, morena wa Assiria; a kena naheng ya Juda, mme a thibella metse ya diqhobosheane, a re, o tla e kena.


Tshiung tseo, Esekiase a kula, a batla a eshwa; a rapela Jehova, mme Jehova a bua le yena, mme a mo nea mohlolo.


mohlang oo, leha e ka ba mang le mang, hara setjhaba sa hao sohle sa Iseraele, ya beang thapelo le kopo, ka ho itseba e mong le e mong lefu la hae le bohloko ba hae, mme a otlolella nqa tlung ena matsoho a hae, o mamele o le mahodimong, tulong tsa hao,


Ha nka thiba mahodimo hore pula e se ne, leha nka laela tsie ho senya lefatshe, leha nka romela lefu la sewa tjhabeng sa ka,


Swabang, lona balemi ba koro; le bokolle, lona balemi ba morara, ka baka la koro le ka baka la harese, hobane se neng se tla kotulwa masimong, se timetse.


ke tla le buseletsa dilemo tse kileng tsa jewa ke bookgolane, le ke tsie, le ke marutle, le ke seongwane, kgotla la ka le leholo leo ke le rometseng hara lona.


bonang, ke tsena tseo le nna ke tla le etsa tsona: Ke tla le romela tshabo, le lefu la matshwafo, le febere e tjhesang, e leng tse jang mahlo, tse hlomolang moya; le tla jalla lelea dijalo tsa lona, mme di tla jewa ke dira tsa lona.


E mong hara lona ha a le mahlomoleng, a rapele. E mong ha a thabile, a bine difela.


Tshiung tseo ho neng ho busa baahlodi, tlala ya wela lefatshe la Iseraele. Yaba monna e mong wa Bethlehema-Juda o tloha, a ya jaka naheng ya Moabe, a ena le mosadi wa hae le bara ba hae ba babedi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ