Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 6:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 o ke o mamele o le mahodimong, o leballe bahlanka ba hao tshito ya bona le ya setjhaba sa hao sa Iseraele, o ba rute tsela e ntle, eo ba tshwanetseng ho tsamaya ka yona, mme o nese pula lefatsheng leo o le neileng setjhaba sa hao, ho ba lefa la sona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 o se utlwe o le lehodimong, mme o tshwarele bahlanka ba hao, e leng setjhaba sa hao sa Iseraele, sebe sa bona. Ako ba rute tsela e lokileng, eo ba tla tsamaya ka yona. Naha ya hao eo o e neileng setjhaba sa hao, hore e be lefa la sona, o e nesetse pula.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 6:27
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ha setjhaba sa ka se bitswang ka lebitso la ka, se ka ikokobetsa, sa rapela, sa batla sefahleho sa ka, sa fapoha tsela tsa sona tse kgopo, le nna ke tla utlwa ke le mahodimong, ke tla lebala sebe sa bona, mme ke tla fodisa lefatshe la bona.


HE. Jehova, o nthute tsela ya dikomelo tsa hao, ke tle ke tsamaye ka yona ho isa qetellong!


Na motho ke ofe ya tshabang Jehova? Jehova o tla mmontsha tsela eo a tshwanetseng ho ikgethela yona.


O nkelellwe ka lereko la hao ka baka la mohau wa hao, Jehova!


Modimo wa nesa pula ya medupe, mme lefa la hao le kgathetseng wa le tiisa.


Jehova, ho lehlohonolo motho eo o mo layang, eo o mo rutang ka molao wa hao,


Ditsebe tsa hao di tla utlwa lentswe kamora hao, le reng: Tsela ke yona ena, tsamayang ho yona, esere la ya ka ho le letona, kapa ka ho le letshehadi.


Na e mong a ka ba teng hara mafeela a ditjhaba ya nesang pula? Kapa a mahodimo a teng a neang dipula? Na hase wena, Jehova, Modimo wa rona? Le hona re ntse re itshepetse wena, hobane ke wena ya etsang tseo kaofela.


hore Jehova, Modimo wa hao, a tle a re supise tsela eo re tshwanetseng ho tsamaya ka yona le seo re tshwanetseng ho se etsa.


Ha ba ipolelle pelong tsa bona ka ho re: Re tshwanetse ho tshaba Jehova, Modimo wa rona, ya re neang pula ya tsheola le ya hwetla nakong ya yona, ya re bolokelang diveke tse beilweng tsa ho kotula.


Ho itswe ke Jehova: Emang ditseleng le tadime, le botse ditsela tsa kgale; botsang hore na tsela e ntle ke efe? mme le tsamaye ka yona, le tle le fumanele meya ya lona phomolo. Ba mpa ba re: Ha re na ho tsamaya teng.


Bona le ba ka mathoko ho leralla la ka, ke tla ba etsetsa hlohonolofatso; ke tla nesa pula ka nako ya yona; dikgohola di tla ba teng tsa mahlohonolo.


Athe le jwale, ho bolela Jehova, oho, kgutlelang ho nna ka pelo tsohle tsa lona, ka ho itima dijo, le ka dillo, le ka maikwahlayo.


Haholang dipelo tsa lona, e seng diaparo tsa lona, le kgutlele ho Jehova, Modimo wa lona; hobane o mosa, o lereko, o pelo e telele, o atisa ho hauhela, o qenehela bao a itseng o tla ba otla.


Le lona bana ba Sione, thabang, le be le nyakallele ho Jehova, Modimo wa lona, hobane o tla le nea ya le rutang ho loka, o ya le nesetsa dipula tse kgolo, dipula tsa hwetla le tsa selemo; ke yona qalo.


Ditjhaba tse ngata di tla ya, di re: Tloong, re nyolohele thabeng ya Jehova, tlung ya Modimo wa Jakobo, a tle a re rute ditsela tsa hae, re tsamaye ka mmila ya hae. Hobane molao o tla tswa Sione, lentswe la Jehova le tswe Jerusalema.


Qelang pula ho Jehova ka nako ya dipula tsa selemo: ke Jehova o hlahisang mahadima; o tla ba nea pula ya modupe, a fe e mong le e mong tse melang tshimong ya hae.


Ho ngodilwe mangolong a baporofeta, ho thwe: Ba tla rutwa bohle ke Modimo. Ka baka leo, e mong le e mong ya utlwileng Ntate, ya ithutileng ho yena, o tla ho nna.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ