Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 6:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Mohla mahodimo a thibaneng, pula e sa ne, kahobane ba o sitetswe, ha ba rapela ba lebile nqalong ena, ba rorisa lebitso la hao, mme ba baka dibeng tsa bona, ha o ba otlile,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

26 “Ha letsatsi le eme, pula e sa ne, hobane setjhaba sa hao se o sitetswe, mme eba se rapela se tadimile Tempeleng ena, se bolela hore ke wena Modimo, se furalla sebe sa sona ha o se otla,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 6:26
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

o ke o mamele o le mahodimong, o leballe setjhaba sa hao sa Iseraele sebe sa sona, mme o se busetse naheng eo o e neileng sona le bontata sona.


Ha nka thiba mahodimo hore pula e se ne, leha nka laela tsie ho senya lefatshe, leha nka romela lefu la sewa tjhabeng sa ka,


Ya patang melato ya hae a ke ke a hlohonolofala; empa ya e bolelang, a e bakela, o tla fumana mohau.


ke tla e senya, e se hlole e hlaholwa, e lengwa, mme e mele dibajwa le meutlwa; mme ke tla laela maru hore a se hlole a nesetsa pula ho yona.


Mora motho, ha lefatshe le itseng le ne le ka ntshitelwa ka ho tlola, mme ka le otlollela letsoho, ha ke ne nka le robela kotlo ya bohobe, ka le romela tlala, ka kgaola batho le dikgomo ho lona,


Ke tla tloha, ke kgutlele nqalong ya ka, ke dule teng, ba tle ba be ba ikutlwe dibe tsa bona, ba batle sefahleho sa ka. Tlokotsing ya bona, ba tla tsohela ho tla ho nna.


Ke tla roba boikgohomoso ba matla a lona; ke tla etsa lehodimo la lona e ka tshepe, le naha ya lona e ke koporo.


Kannete ke re ho lona: Basadi ba bahlolohadi ba bangata ba ne ba le teng Iseraeleng, mehleng ya Elia, mohla lehodimo le kwalwang ka dilemo tse tharo le dikgwedi tse tsheletseng, mme tlala e kgolo ya eba teng lefatsheng lohle;


esere kgalefo ya Jehova ya le tukela, mme Jehova a kwala mahodimo, hore pula e be siyo, mme lefatshe le se ke la hlola le bea dijo tsa lona, mme lona la timela kapele lefatsheng leo le molemo, leo Jehova a le neang lona.


Lehodimo la hao le kahodimo ho hlooho ya hao e tla ba koporo, mme lefatshe le katlasa hao e tla ba tshepe.


Di na le matla a ho kwala lehodimo, hore pula e se ke ya na ka matsatsi ao di porofetang ka wona; hape, di na le matla a ho fetola metsi madi, le a ho otla lefatshe ka dikotsi tsohle, nakong tsohle tseo di ka ratang ho etsa jwalo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ