Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 6:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Mohla setjhaba sa hao sa Iseraele se hlolwang ke dira tsa sona, kahobane se o sitetswe, ha se ka kgutlela ho wena, sa rorisa lebitso la hao, sa rapela, sa kopa ho wena tlung ena,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

24 “Ha setjhaba sa hao sa Iseraele se ka hlolwa ke dira, kahobane se o sitetswe, mme eba se kgutlela ho wena, se bolela hore ke wena Modimo, se o rapela, se o kopa se le ka Tempeleng ena,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 6:24
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

o ke o mamele o le mahodimong, o leballe setjhaba sa hao sa Iseraele sebe sa sona, mme o se busetse naheng eo o e neileng sona le bontata sona.


o re balehisitse pela dira, ba re hloileng ba ikela le kgapo;


Ke sitetswe wena, wena o nnotshi; ke entse ho leng hobe mahlong a hao; ke moo ho loka ha hao ho tla bonahala ha o bua, le hlweko ya hao ha o ahlola.


Ya patang melato ya hae a ke ke a hlohonolofala; empa ya e bolelang, a e bakela, o tla fumana mohau.


Ke tla le tjamela; le tla qhalwa ke dira tsa lona; le tla buswa ke ba le hloileng, mme le tla baleha, leha ho se motho ya le lelekisang.


Ba tla wa ka dihlooho, ba bang hodima ba bang, jwaloka hoja ba dihuwa ke lerumo, leha ho se motho ya ba lelekisang.


Jehova o tla etsa hore o hlolwe pontsheng ya dira tsa hao; o tla di futuhela ka tsela e le nngwe, mme o tla di balehela ka tsela tse supileng, mme o tla qhalanyetswa mebusong yohle ya lefatshe.


o tla sebeletsa dira tsa hao, tseo Jehova a tla di roma ho tla o lwantsha, o di sebeletse o lapile, o nyorilwe, o hlobotse, o hloka ntho tsohle; mme di tla bea joko ya tshepe molaleng wa hao, di be di o fedise.


Oho, Morena, ana ke tla reng haele moo Baiseraele ba balehile pela dira tsa bona?


Bana ba Iseraele ba etsa ho leng hobe pela Jehova, mme ba sebeletsa boBaale.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ