Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 6:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 le mahlo a hao a nne a qamakisise ntlo ena motshehare le bosiu, e leng nqalo eo o itseng, o tla bea lebitso la hao ho yona; o mamele thapelo eo mohlanka wa hao a tla e bea nqalong ena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Bosiu le motsheare mahlo a hao a ke a lebele Tempele ena, e leng sebaka seo o buileng ka sona, wa re: ‘Nna ke tla ba teng mona.’ Ka baka leo, ako utlwe thapelo eo mohlanka wa hao a tla e etsa a tadimile sebakeng sena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 6:20
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehova, sekeha tsebe ya hao, o utlwe; Jehova, tutubolla mahlo a hao, mme o bone, o utlwe mantswe ao Sankeribe a romileng motho ho nyedisa Modimo o phelang ka wona.


Ruri, mahlo a Jehova a qamaka lefatsheng lohle hore a emele bao pelo tsa bona e leng tsa hae kaofela. O entse ka bothoto; hobane ho qala jwale, o tla nne o hlahelwe ke dintwa.


Ha re ka tshoha re hlahelwa ke kotsi, kapa ke lerumo, kapa kahlolo, leha e le lefu la sewa, kapa tlala, re tla nne re itlhahise pela ntlo ena le pela hao, etswe lebitso la hao le le tlung ena, mme re tla howeletsa ho wena re le mahareng a mahlomola a rona, mme o tla re mamela, o be o re pholose!


Leha ho le jwalo, Jehova, Modimo wa ka, mamela thapelo ya mohlanka wa hao le kopo ya hae; mamela mohoeletso le thapelo eo mohlanka wa hao a e beang nqalong ena;


Jwale, Modimo wa ka, mahlo a hao a ele sedi, mme ditsebe tsa hao di hlwaolohele thapelo e bewang nqalong ena!


Esale ha ke ntsha setjhaba sa ka naheng ya Egepeta, ha ke a ka ka kgetha motse o mong metseng ya meloko yohle ya Iseraele, hore ho hahuwe ntlo teng, hore lebitso la ka le be ho yona; mme ha ke a ka ka kgetha motho e mong hore e be modisa wa setjhaba sa ka sa Iseraele;


ke mpa ke kgethile Jerusalema hore lebitso la ka le be hona teng, mme ke kgethile Davida hore e be morena wa setjhaba sa ka sa Iseraele.


Ha ho le jwalo, mahlo a ka a tla qamakisisa, le tsebe tsa ka di sekehelwe thapelo e bewang nqalong ena.


Oho hle, tsebe ya hao a e ke e sekehwe, mme mahlo a hao a ke a tutubolohe, o tle o utlwe thapelo ya mohlanka wa hao eo ke ntseng ke e nyolosetsa ho wena mehleng ya jwale, motshehare le bosiu ke rapella ka yona bahlanka ba hao, bana ba Iseraele, ke ntse ke bolela dibe tsa bana ba Iseraele, tseo re o sitetsweng ka tsona. Hobane nna le ntlo ya ntate, re sitilwe.


Jehova ke molebedi wa hao; Jehova ke moriti wa hao tsohong la hao le letona.


Bonang, mahlo a Jehova a hodima ba mo tshabang, ba tshepang mohau wa hae,


Mahlo a Jehova a ntse a tadimile ba lokileng, ditsebe tsa hae di bulehetse mehoo ya bona.


Daniele, ha a utlwa hoba molao oo o ngodilwe, a ikela tlung ya hae, mme difensetere tsa ntlo e kahodimo ya hae ha di bulehetse nqa Jerusalema, a kgumama ka mangwele hararo ka letsatsi, a rapela, a boka Modimo wa hae, jwalokaha a ne a etsa pele.


Nqalo e tla ba teng eo Jehova, Modimo wa lona, a tla e kgetha ho bea lebitso la hae ho yona; ke moo le tla tlisa ntho tsohle tseo ke le laelang tsona, ditjheso tsa lona, le mahlabelo a lona, le karolo ya leshome ya dintho tsa lona, le dikabelo tse ntshwang ke matsoho a lona, le tsohle tse kegthilweng tsa dikano tsa lona, tseo le di baletseng Jehova.


o tla nka dilopotsiya tsa tsohle tse behwang ke lefatshe, e leng tseo o di fumanang naheng eo Jehova, Modimo wa hao, a o fang yona o di bee serotong, o ye le tsona nqalong eo Jehova, Modimo wa hao a tla e kgetha, ho bea lebitso la hae ho yona.


Hobane botlalo kaofela ba bomodimo bo ahile ho yena ka mmele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ