Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 6:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Empa ke o hahetse ntlo hore o ahe teng le setulo seo o tla dula ho sona ka ho sa feleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Empa ke o hahetse Tempele, e leng sebaka seo o tla dula ka ho sona kamehla yohle.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 6:2
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke yena ya tla hahela lebitso la ka ntlo, mme ke tla tiisa terone ya mmuso wa hae ka ho sa feleng;


Ke fela ke o hahetse ntlo hore o ahe teng, nqalo eo o tla ba ho yona kamehla.


Ke yena ya tla nkgahela ntlo, mme ke tla tiisa terone ya hae ka ho sa feleng.


Davida a eketsa a re ho Salomone, mora hae: Iphe matla, mme o tiye, mme o etse. Se tshabe, mme o se ke wa tshoha; hobane Jehova Modimo, Modimo wa ka, o tla nne a be le wena; a ke ke a o tlohela, a ke ke a o furulla, ho be ho phethehe mosebetsi wohle wa tshebeletso ya ntlo ya Jehova.


O itse ho nna: Ke mora hao Salomone ya tla haha ntlo ya ka le mabala a ka; hobane ke mo kgethile hore e be mora wa ka, mme nna ke be ntatae.


Areka ya Modimo yona, Davida o ne a e latile Kiryathe-Jearime, a e tlisa moo a neng a e lokiseditse tulo; hobane o ne a e hlometse tente Jerusalema.


Yaba Salomone o re: Jehova o itse, o tla aha lefifing le reng tsho!


Yaba morena o a reteleha, a hlohonolofatsa phutheho yohle ya Iseraele, phutheho yohle ya Iseraele, e ntse e eme ka maoto;


le ho ya le silefera le kgauta tseo morena le banna ba hae ba lekgotla ba di ntsheditseng Modimo wa Iseraele ka ho rata, oo tulo tsa wona di leng Jerusalema;


le silefera le kgauta tseo o ka di fumanang seterekeng sohle sa Babilona, hammoho le dimpho tse tla ntshetswa ntlo ya Modimo o Jerusalema ke setjhaba le baprista ka ho rata ha bona.


ha ke eso ho bonele Jehova nqalo, le Modimo o matla wa Jakobo tabernakele.


Ba ntlo ya Levi, bokang Jehova! Lona ba tshabang Jehova, bokang Jehova! Jehova ya ikaheletseng Jerusalema a ke a bokwe Sione! Bokang Jehova!


ha ba kena, morena o tla kena le bona, ha ba etswa, ba tle ba tswe hammoho.


Ka utlwa lentswe le phahameng le etswa teroneng, le re: Bonang tabernakele ya Modimo e hara batho; o tla aha le bona; e tla ba ditjhaba tsa wona, mme Modimo o tla ba le bona ka sebele sa wona, e be Modimo wa bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ