Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 6:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Empa fale Modimo o fela o ka aha le motho lefatsheng na? Bona, esita mahodimo, le mahodimo a mahodimo a ke ke a o lekana; haholo ntlo ena eo ke e hahileng!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 “Empa na, ruri, Modimo o tla hle a ahe lefatsheng le batho? Bona, haesitana le mahodimo a maholo hakanakana, a sa o lekane, ebe jwale Tempele ee, e hahilweng ke nna, yona e ka o lekana jwang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 6:18
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa fale Modimo o fela o ka aha lefatsheng na? Bona, esita le mahodimo le mahodimo a mahodimo a ke ke a o kopa; haholo ntlo ena eo ke e hahileng!


Ntlo eo ke tla e haha, e tla ba kgolo, etswe Modimo wa rona o moholo ho medimo yohle.


Empa ke mang ya ka tsebang ho mo hahela ntlo, ha esita le mahodimo, le mahodimo a mahodimo a sitwa ho mo kopa! Mme nna ke mang, ha ke tla mo hahela ntlo, haese hore ke mo tjhesetse dibano feela?


Jwale, ke re: Esekiase a se ke a le thetsa, a se ke a le phoma ka mokgwa oo, mme le se ke la mo dumela; hobane ha ho modimo, leha e le wa setjhaba sefe kapa wa mmuso ofe, o tsebileng ho namolela setjhaba sa wona matsohong a ka le matsohong a bontate; ha ho le jwalo, Modimo wa lona wona o ka sitwa hakakang ho le namolela matsohong a ka!


Jwale, Jehova, Modimo wa Iseraele, ho ke ho netahale polelo ya hao eo o neng o e bolelle mohlanka wa hao Davida!


Leha ho le jwalo, Jehova, Modimo wa ka, mamela thapelo ya mohlanka wa hao le kopo ya hae; mamela mohoeletso le thapelo eo mohlanka wa hao a e beang nqalong ena;


ho jwalo hakakang ho ba ahileng matlung a letsopa, ba hlahileng leroleng, ba ka rinngwang jwaloka ditshwele!


nna ke mang hore ke o fetole? Ke kgethe jwang ditaba tse nepehileng tsa ho o arabela?


O nyolohetse phahameng, o isitse batshwaruwa kgolehong, o nkile dineo ho batho le ho bona bakwenehi, hore Jehova Modimo a tle a tsebe ho aha teng.


Hobane ho itswe ke Mookamedi ya hodimodimo, eo bodulo ba hae e leng bo sa feleng, ya bitswang Mohalaledi: Ke ahile nqalong e phahameng, e halalelang; hape, ke ahile le ya tepeletseng, le motho ya robehileng pelo, ke tle ke pholose meya ya batho ba robehileng dipelo, ke phedise meya ya ba tepeletseng.


Lehodimo ke terone ya ka, mme lefatshe ke bonamelo ba maoto a ka: ho rialo Jehova. E kae ntlo eo le ka nkgahelang yona? E kae nqalo eo nka phomolang ho yona?


Na motho a ka ya a pateha sephiring, hore ke se ke ka mmona, ho bolela Jehova? Ha ke re, mahodimo le lefatshe a tletse nna, ho bolela Jehova?


Mme ke re ho lona: Ho teng mona ho hoholo ho tempele.


Mme lona, ba lonya, ha le tseba ho nea bana ba lona ntho tse molemo, Ntata lona ya mahodimong o tla fetisa hakakang ka ho nea ba kopang ho yena tse molemo!


Modimo o entseng lefatshe le tsohle tse ho lona, e leng yena Morena wa lehodimo le wa lefatshe, o ke ke wa aha ditempeleng tse entsweng ka matsoho;


Ke tseba motho ya leng ho Kreste, ya kileng a nkelwa lehodimong la boraro, ho se ho le dilemo tse leshome le metso e mene — kapa e bileng ka mmele, ha ke tsebe; kapa e bileng ka ho siya mmele, le teng ha ke tsebe, ho tseba Modimo —


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ