Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 6:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Jwale, Jehova, Modimo wa Iseraele, ho ke ho netahale polelo ya hao eo o neng o e bolelle mohlanka wa hao Davida!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Oho, Morena Modimo wa Iseraele, polelo ya hao, eo o neng o e bolelle mohlanka wa hao Davida, e ke e phethahatswe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 6:17
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

a re: Oho, Jehova, Modimo wa Iseraele, ha ho Modimo o kang wena, leha e le mahodimong, leha e le lefatsheng, o tiisang selekane le mohau ho bahlanka ba hao ba tsamayang pela hao ka pelo tsohle tsa bona!


Jwale, Jehova, Modimo wa Iseraele, o tiisetse ntate Davida, mohlanka wa hao, seo o mmaletseng sona, wa re ho yena: Ekare ha bana ba hao ba itebela metsamaong ya bona ho tsamaya molaong wa ka, jwalokaha o tsamaile pela ka, ha o ka ke wa hloka motho ya dulang teroneng ya Iseraele pela ka.


Empa fale Modimo o fela o ka aha le motho lefatsheng na? Bona, esita mahodimo, le mahodimo a mahodimo a ke ke a o lekana; haholo ntlo ena eo ke e hahileng!


a re: Ho bokwe Jehova, Modimo wa Iseraele, ya buileng ka molomo wa hae ho ntate Davida, ya phethileng polelo ya hae ka letsoho la hae, jwalokaha a ne a itse.


ba bona katlasa maoto a wona mosebetsi wa safire o bonaletsang, o hlwekileng jwaloka lehodimo.


Mafutsana le basenyehi ba batla metsi, mme a hlokahala; maleme a bona a omeletse ke lenyora. Nna, Jehova, ke tla ba utlwa; nna Modimo wa Iseraele, nke ke ka ba tlohela.


Ke tla o nea maruo a bolokilweng nqalong tse ntsho, le tse patilweng sephiring, o tle o tsebe hobane ke nna Jehova, Modimo wa Iseraele, ya o bitsitseng ka lebitso la hao.


ke tle ke phethe kano eo ke e anneng ho bontata lona moholo, ka re: Ke tla ba nea lefatshe le kollang lebese le dinotshi, jwalokaha ho le jwalo le kajeno. Yaba ke a araba, ka re: Ho be jwalo, Jehova!


Manowa a tloha, a sala mosadi wa hae morao, a fihla ho monna wa Modimo, a re ho yena: Na ke wena monna ya kileng a bua le mosadi enwa na? A araba, a re: Ke nna enwa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ