Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 6:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Jwale, Jehova, Modimo wa Iseraele, o tiisetse ntate Davida, mohlanka wa hao, seo o mmaletseng sona, wa re ho yena: Ekare ha bana ba hao ba itebela metsamaong ya bona ho tsamaya molaong wa ka, jwalokaha o tsamaile pela ka, ha o ka ke wa hloka motho ya dulang teroneng ya Iseraele pela ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 “Jwale wena Morena Modimo wa Iseraele, ako boloke tshepiso eo o neng o e etsetse mohlanka wa hao Davida, ntate, wa re: ‘O ke ke wa hloka mohlahlami ya tla dula teroneng ya Iseraele, ha feela bara ba hao ba ka hlokomela metsamao ya bona, ba latela melao ya ka jwalokaha o ile wa etsa.’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 6:16
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Etlaba moo Jehova a tiisang taba ya hae eo a mpoleletseng yona, ha a re: Ekare ha bana ba hao ba itebela metsamaong ya bona, ba tsamaya pela ka ka mokgwa wa nnete, ka pelo yohle, le ka moya wohle, ha ho ka ke ha hlokeha motho wa lesika la hao teroneng ya Iseraele.


Haele bakeng sa ntlo eo o e hahang, ekare ha o tsamaya ka melao ya ka, o tiisa dikahlolo tsa ka, o boloka ditaelo tsa ka tsohle, o tsamaya ka tsona, ke tla o etsetsa ka pallo eo ke e boleletseng ntatao Davida.


Na ha le a tshwanela ho tsebisisa hoba Jehova, Modimo wa Iseraele, o ne a nee Davida borena ba Iseraele ka ho sa feleng, a bo nea yena le bara ba hae, ka selekane se se nang ho tlolwa na?


Leha ho le jwalo, Jehova ha a ka a rata ho timetsa ntlo ya Davida, ka baka la selekane seo a neng a se hlabile le Davida, le ka baka la seo a neng a se boletse, a re, o tla nne a mo nee, yena le bara ba hae, lebone ka ho sa feleng.


Mme phutheho yohle ya hlaba selekane le morena ka tlung ya Modimo. Jehojada a re ho bona: Bonang, ngwana morena o tla busa jwalokaha Jehova a boletse bakeng sa bara ba Davida.


Jwale, Jehova, Modimo wa Iseraele, ho ke ho netahale polelo ya hao eo o neng o e bolelle mohlanka wa hao Davida!


Haele wena, ekare ha o ka tsamaya pela ka jwalokaha ntatao Davida a tsamaile, wa etsa ka tsohle tseo ke o laetseng tsona, wa boloka dikomelo tsa ka le ditaelo tsa ka,


ke tla tiisa terone ya mmuso wa hao ka ho ya ka selekane seo ke se tlabotseng le ntatao Davida, ka re ho yena: Ha o ka ke wa hloka motho ya busang Iseraele.


ALEF. Ho lehlohonolo bao metsamao ya bona e tshepehang, ba yang ka molao wa Jehova!


BETH. Mohlankana o tla hlwekisa metsamao ya hae jwang? Ke ha a e ela hloko ka ho e bapisa le lentswe la hao.


Jehova o entse hlapanyo ya nnete ho Davida, a ke ke a e kwenehela; o itse: Ke tla bea mora ya tswetsweng ke wena teroneng ya hao.


Ekare ha bara ba hao ba boloka selekane sa ka, le melao eo ke ba rutang yona, le bona bana ba bona ba tla nne ba dule teroneng ya hao kamehla.


Hobane mohau wa hao o pela mahlo a ka, mme ke latela nnete ya hao.


Morena Jehova a re: Ke sa tla dumela ho batlelwa ho hong ke ba ntlo ya Iseraele hore ke ba etsetse hona: ke tla ba atisetsa batho ba be ka ka mohlape wa dinku.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ