Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 6:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Hobane Salomone o ne a entse setulo sa koporo, se bolelele ba ditswe tse hlano, le bophara ba ditswe tse hlano, le bophahamo ba ditswe tse tharo, a se beile hara lebala; a ema teng, a ntoo kgumama pontsheng ya phutheho yohle ya Iseraele, a emisetsa matsoho a hae nqa mahodimong,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Solomone o ne a hahile sethala sa lethose. Bolelele ba sona e ne e ka ba dimethara tse pedi le halofo, bophara ba sona e ka ba dimethara tse pedi le halofo, ha bophahamo ba sona e ne e ka ba methara le halofo. O ne a se beile bohareng ba lebala. A hlwella hodima sona, a nto kgumama moo setjhaba sohle sa Iseraele se ntseng se mmona, a phahamisetsa matsoho a hae lehodimong,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 6:13
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A thea lebala le kahare ka majwe a betlilweng a kolohantsweng ka boraro, le ka lethathamo la difate tsa kedare.


Lebala le leholo le neng le pota matlo la teelwa hare ka majwe a kolohantsweng ka boraro, a betlilweng, le ka lethathamo la difate tsa kedare, kamoo ho neng ho entswe kateng le lebaleng le hare la ntlo ya Jehova, le mathuleng a ntlo.


Salomone eitse ha a qeta ho beela Jehova thapelo eo le kopo eo yohle, a tsoha pela aletare ya Jehova, moo a neng a kgumamile ka mangole, a emiseditse matsoho a hae mahodimong.


A etsa le lebala la baprista, le lebala le leholo, le menyako ya lona, a maneha mamati a lona ka koporo.


Yaba Salomone o ema pela aletare ya Jehova, pontsheng ho phutheho yohle ya Iseraele, a emisa matsoho a hae.


Ka nako ya sehlabelo sa mantsiboya, ka ema hona boikokobetsong ba ka, kobo ya ka le kojwana ya ka di hahotswe; ka kgumama ka mangole, ka otlollela matsoho a ka ho Jehova, Modimo wa ka,


Eitse ha ke utlwa taba tseo, ka dula ka lla, mme ka hlola bofifing ditshiu tse ngatanyana; hape ka itima dijo, ka rapela pela Modimo wa mahodimo,


Esdrase, mongodi, o ne a eme hodima sethala sa difate se etseditsweng hono hoo. Mabapa le yena, letsohong le letona, ho ne ho eme Matthithia, le Shema, le Anaia, le Uria, le Hilkia, le Maaseia; ho le letshehadi ho no ho eme Pedaia, le Mishaele, le Malkia, le Hashume, le Hashbaddana, le Sakaria, le Meshullame.


Tloong, re kgumameng, re inameng, re we ka mangole pela Jehova, Mmopi wa rona!


Yaba Moshe o re ho yena: Etlare ha ke etswa motseng, ke tla otlollela matsoho a ka ho Jehova; diaduma di tla kgaotsa, sefako le sona se fele, hore o tle o tsebe hobane lefatshe ke la Jehova.


Daniele, ha a utlwa hoba molao oo o ngodilwe, a ikela tlung ya hae, mme difensetere tsa ntlo e kahodimo ya hae ha di bulehetse nqa Jerusalema, a kgumama ka mangwele hararo ka letsatsi, a rapela, a boka Modimo wa hae, jwalokaha a ne a etsa pele.


A ntoo ya hojana le bona, sebaka se ka fihlewang ke lejwe ha le betswa; a kgumama ka mangwele a rapela,


Eitse hobane a bolele taba tseo, a kgumama ka mangwele, a rapela le bona bohle.


Ha re se re qetile matsatsi ao, ra tloha, ra tsamaya; ha e le bona ba re felehetsa bohle ho fihlela kantle ho motse, ba ena le basadi ba bona le bana; ra kgumama ka mangwele lebopong, ra rapela,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ