Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 6:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Yaba Salomone o ema pela aletare ya Jehova, pontsheng ho phutheho yohle ya Iseraele, a emisa matsoho a hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Yaba Solomone o ema kapele ho aletare ya Morena, moo setjhaba sohle sa Iseraele se ntseng se bona, a phakalatsa matsoho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 6:12
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A tadima, a bona morena a eme pela tshiya ka mokgwa wa teng, le mahosana le ba letsang diterompeta ba le pela morena, setjhaba sohle sa naha se thabile, se letsa diterompeta. Ebile Athalia o hahola diaparo tsa hae, a memetsa, a re: Jo! phetohelo! phetohelo!


Yena morena a ema pela tshiya, a hlaba selekane pela Jehova, sa ho latela Jehova, le sa ho boloka ditaelo tsa hae, le dikahlolo tsa hae, le melao ya hae, ka pelo yohle le ka moya wohle, le sa ho etsa le ka taba tsa selekane tse ngodilweng bukeng eo. Le sona setjhaba sohle sa emela selekane seo.


ke beile areka teng, moo selekane sa Jehova se leng teng, seo a neng a se tlabole le bana ba Iseraele.


Hobane Salomone o ne a entse setulo sa koporo, se bolelele ba ditswe tse hlano, le bophara ba ditswe tse hlano, le bophahamo ba ditswe tse tharo, a se beile hara lebala; a ema teng, a ntoo kgumama pontsheng ya phutheho yohle ya Iseraele, a emisetsa matsoho a hae nqa mahodimong,


Empa ha o ka hleka pelo ya hao hantle, mme wa otlollela matsoho a hao ho wona,


Thapelo ya ka a e ke e nyolohele jwaloka dibano tse nkgang hamonate pela hao, le kemiso ya matsoho a ka e be jwaloka sehlabelo sa mantsiboya!


Ke otlollela matsoho a ka ho wena, moya wa ka o nyoretswe wena, jwaloka hoja ke mobu o omileng. (Sela.)


Utlwa lentswe la dithapedisiso tsa ka ha ke howeletsa ho wena, leha ke otlollela sehalalelo sa hao matsoho a ka!


hobane mohau wa hao o fetisa bophelo ka monate. Melomo ya ka e a o rorisa. Ke ka mokgwa o jwalo ke tlang ho o rorisa, ha ke ntse ke phela, ke be ke emisetse matsoho a ka ho wena ka lebitso la hao.


Mahosana a tla tla, a etswa Egepeta; Ethiopia o tla phakisa a otlollele matsoho a hae ho Modimo!


Yaba Moshe o tloha pela Faro, a tswa motseng; a otlollela matsoho a hae ho Jehova; yaba diaduma le sefako di a kgaotsa, le pula ya esa lefatsheng.


Ke mang hara lona ya tshabang Jehova, ya mamelang lentswe la mohlanka wa hae? Ya tsamayang lefifing, ya hlokang lesedi, a ke a tshepe lebitso la Jehova, a itshematlele ka Modimo wa hae.


Ke fela ke rata hoba banna ba rapele kahohle, ba phahamise matsoho a masweu, ho se bohale le kgang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ