Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 5:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Yaba Salomone o phuthela Jerusalema baholo ba Iseraele, le dihlooho tsohle tsa meloko, e leng baholo ba matlo a bontata bana ba Iseraele, hore ho tle ho latwe areka ya selekane sa Jehova, motseng wa Davida, Sione.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Jwale Solomone a kgobokanya baholo bohle ba Iseraele, le dihlooho tsohle tsa merabe, le mahosana a malapa a bana ba Iseraele. Bohle ba tla Jerusalema ho kgosi Solomone, hore ba tlo nyolla areka ya selekane sa Morena, e tswe Motseng wa Davida, e leng Sione.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 5:2
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Leha ho le jwalo, Davida a kena qhobosheane ya Sione; ke wona motse wa Davida.


Morena Davida a tsebiswa, ha thwe: Jehova o hlohonolofaditse ntlo ya Obed-Edomo le tsohle tsa hae, ka baka la areka ya Modimo. Yaba Davida o ya lata areka ya Modimo ha Obed-Edomo, a e tlisa motseng wa Davida a thabile.


Davida a ikgahela matlo motseng wa Davida, mme a lokisetsa areka ya Modimo ditulo, mme a e hlomela tente.


a re ho bona: Le dihlooho tsa matlo a bontata Balevi; itlhwekiseng, e le lona le banababo lona, mme le late areka ya Jehova, Modimo wa Iseraele, le e tlise moo ke e lokiseditseng teng.


Davida le baholo ba Iseraele le balaodi ba dikete ba ya lata areka ya selekane sa Jehova tlung ya Obed-Edomo ka thabo.


Davida a phuthela Baiseraele bohle Jerusalema ho ya lata areka ya Jehova, le ho e tlisa ditulong tseo a di lokiseditseng yona.


Ba tlisa areka ya Jehova jwalo, mme ba e bea tenteng eo Davida a e hlometseng yona; ha hlajwa mahlabelo a ditjheso le a teboho pela Modimo.


Ke bona bara ba Levi, ha ho uwa ka matlo a bontata bona.


mongodi Shemaia, mora Nethaneele, wa Balevi, a ba ngola pela morena, le mahosana, le moprista Tsadoke, le Akimeleke, mora Abiathare, le dihlooho tsa matlo a bontata baprista le Balevi; ha ho le jwalo, ha laolwa ka lotho ntlo e nngwe ya Eleasare, ha boela ha laolwa e nngwe ya Ithamare.


Shelomithe eo le banababo ba bewa balebedi ba matlotlo wohle a dintho tse halalelang tseo morena Davida, le dihlooho tsa matlo, le balaodi ba dikete le ba makgolo, le balaodi ba bang ba makgotla, ba neng ba di kgethetse Jehova;


Davida a phuthela Jerusalema marena wohle a Iseraele, dihlooho tsa meloko, le balaodi ba dihlopha tse sebeletsang morena, le balaodi ba dikete le balaodi ba makgolo, le bahlahlobi ba maruo le ba mehlape ya morena le ya bara ba hae, hammoho le matona, le banna ba bahale, le diqhenqha kaofela.


Areka ya Modimo yona, Davida o ne a e latile Kiryathe-Jearime, a e tlisa moo a neng a e lokiseditse tulo; hobane o ne a e hlometse tente Jerusalema.


Ha phethwa jwalo mosebetsi wohle oo Salomone a o etseditseng ntlo ya Jehova. Salomone a ntoo tlisa mesebetsi e kgehetsweng Modimo ke ntatae, e le silefera, le kgauta, le mesebetsi ya mefutafuta, mme a di bea dipolokelong tsa matlotlo a ntlo ya Modimo.


le Balevi kaofela, e leng dibini, boAsafe, le Hemane, le Jeduthune, le bara ba bona le banababo bona, ha ba ntse ba eme ka nqa botjhabela ho aletare, ba apere lene e ntle, ba tshwere disimbala, le diviole, le diharepa, ba ena le baprista ba lekgolo le mashome a mabedi ba letsang diterompeta;


o re: Ke nna ka sebele ke tlotsitseng morena wa ka Sione, thabeng ya ka e kgethehileng!


Jehova o rata menyako ya Sione ho fetisa meaho ya Jakobo kaofela.


Yaba ba tlisa monyako wa tente ya pokano tseo Moshe a di laetseng; phutheho kaofela ya atamela, ya ema pela Jehova.


Ba tloha thabeng ya Jehova; ba tsamaya ka matsatsi a mararo; mme areka ya selekane sa Jehova ya ba etella pele sebaka sa matsatsi a mararo, e ba batlele moo ba tla phomola teng.


Mme ha areka e ne e ema, o ne a re: Jehova, kgutlela diketeketeng tsa dikete tsa Iseraele!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ