Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 5:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 baprista ba ba ba sitwa le ho ema tshebetsong ya bona ka baka la leru; hobane ntlo ya Modimo e ne e tletse kganya ya Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Baprista ba sitwa ho ntshetsa mosebetsi wa bona pele ka baka la leru, hobane tlotla ya Morena e ne e tletse ka Tempeleng ya Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 5:14
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

baprista ba ba ba sitwa ho ema tshebetsong ya bona ka baka la leru; hobane ntlo ya Jehova e ne e tletse kganya ya Jehova.


Jehova, Modimo wa bontata rona, na hase wena Modimo mahodimong? Na hase wena o busang mebuso yohle ya lefatshe? Na matla le bonatla ha di letsohong la hao, hore ho se be motho ya ka o hlolang?


Salomone eitse hobane a qete ho rapela, mollo wa theoha lehodimong, wa tjhesa setjheso le mahlabelo; ntlo ya tlala kganya ya Jehova;


baprista ba ba ba sitwa ho kena tlung ya Jehova, hobane ntlo ya Jehova e ne e tletse kganya ya Jehova.


Ke tla teana teng le bana ba Iseraele, mme tente e tla kgetheha ka kganya ya ka;


Esita le Moshe a sitwa ho kena tenteng ya pokano, hobane leru le ne le dutse hodima yona, le kganya ya Jehova e ne e tletse tabernakeleng.


Yaba kganya ya Jehova e tloha dikerubimeng, ya ikela mohatong wa monyako wa tempele; tempele ya tlala leru, lebala lona le ntse le tletse phatsimo ya kganya ya Jehova.


e leng yena a nnotshi ya nang le ho se shwe, ya ikahetseng leseding le sa atamelweng, eo ho seng le a mong ho batho ya kileng a mmona, eo ho seng ya ka mmonang, eo hlompho le matla a sa feleng e leng tsa hae. Amen!


Yaba tempele e tlala mosi o tswang kganyeng ya Modimo le matleng a wona, mme ho ne ho se ya ka kenang tempeleng, kotsi tse supileng tsa mangeloi a supileng di eso ho phethehe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ