Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 5:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 ba letsang le ba binang, eitse ha ba kopanya mantswe jwaloka eka ke la motho a le mong, ho rorisa le ho boka Jehova, mme ba phahamisa mantswe, ha ho ntse ho letswa diterompeta le disimbala le diletsa tse ding, ba boka Jehova, ba re: Hobane o molemo, hobane mohau wa hae ke o sa feleng; ntlo, ntlo ya Jehova ya tlala leru;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Baletsi ba diterompeta, le dibini, ba amohela pina jwalokaha eka ho bina motho a le mong, ba rorisa Morena. Ba ne ba tlatsitswe ke diterompeta, le matlheretlhere le diletsa tse ding, ba rorisa Morena, ba re: “Bokang Morena hobane o molemo; mohau wa hae ke wa kamehla yohle.” Yaba leru le tlala ka Tempeleng ya Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 5:13
32 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba o laela Balevi ba bang hore ba phethe tsa tshebeletso pela areka ya Jehova, le ho rapela, le ho boka, le ho rorisa Jehova, Modimo wa Iseraele.


A etsa morero le setjhaba; yaba o bea dibini tse tla binela Jehova di apere ka bokgabane bo kgethehileng, di eteletse makgotla pele, di re: Bokang Jehova, hobane mohau wa hae o hlola ka ho sa feleng!


Ba re ba sa qala ho etsa dipina le dithoko, Jehova a bea balalli ba ho lwantsha bana ba Ammone le Bamoabe le ba thaba ya Seire ba futuhetseng Bajuda; mme ba hlolwa.


Salomone eitse hobane a qete ho rapela, mollo wa theoha lehodimong, wa tjhesa setjheso le mahlabelo; ntlo ya tlala kganya ya Jehova;


baprista ba ba ba sitwa ho kena tlung ya Jehova, hobane ntlo ya Jehova e ne e tletse kganya ya Jehova.


Bana bohle ba Iseraele ba bona mollo le kganya ya Jehova ha di theohela tlung, mme ba inama ba kobotetse fatshe, ba kgumama, ba boka Jehova, ba re: Hobane o molemo; hobane mohau wa hae ke o sa feleng!


Baprista ba ne ba eme, ba ntse ba sebetsa mosebetsi wa bona, ba ena le Balevi ba tshwereng diletsa tsa Jehova tse neng di entswe ke morena Davida ho rorisa Jehova ka tsona, ba re: Hobane mohau wa hae ke o sa feleng! Ha na ha etswa jwalo le mohla Davida a neng a mo rorisa ka tsona. Mme baprista ba ne ba letsa diterompeta, ba eme mabapa le bona, Baiseraele bohle le bona ba eme ka maoto.


Ba dumelana ba ntse ba rorisa, ba boka Jehova, ba re: Hobane o molemo, hobane mohau wa hae ho Iseraele ke o sa feleng. Setjhaba sohle sa etsa ditlatse tse kgolo tsa ho rorisa Jehova ka taba ya hobane ho thewa metheo ya ntlo ya Jehova.


Mohla kgakolo ya lerako la Jerusalema, Balevi ba ya latwa metseng yohle ya bona, ha thwe, ba tle Jerusalema, ba tle ba etse kgakolo ka thabo le ka dithoko le ka difela, ka disimbala le diphala le diharepa.


Hobane Jehova o molemo, mohau wa hae o hlola ka ho sa yeng kae, le botshepehi ba hae melokong le melokong.


Bokang Jehova! Rorisang Jehova, hobane o molemo; hobane mohau wa hae ke o sa feleng!


Rorisang Jehova, hobane o molemo, hobane mohau wa hae ke o sa feleng.


Rokang Jehova, hobane o molemo, etswe mohau wa hae o hlola ka ho sa feleng.


O roriseng ka modumo wa terompeta! O roriseng ka pesalterine le harepa! O roriseng ka meropa le ka mehobelo!


O roriseng ka simbala e modumo o hlakang; o roriseng ka simbala e modumo o hlakang!


Bontata rona ba nna ba bea tshepo ya bona ho wena, ba bea tshepo ya bona, mme wa ba pholosa;


Phahamisang dipina tsa lona, le otle meropa, le tidinye thomo le harepa e kgahlehang!


Ke tla teana teng le bana ba Iseraele, mme tente e tla kgetheha ka kganya ya ka;


Utlwa dibohodi tsa hao! Di phahamisa lentswe, di etsa mohoo wa nyakallo hammoho, hobane di bona ka mahlo kamoo Jehova a kgutlelang Sione kateng.


Ke tla ba nea pelo e le nngwe le mokgwa o le mong wa ho ntshaba kamehla, ba tle ba be le lehlohonolo, bona le bana ba bona kamora bona.


ho sa tla utluwa teng lentswe la thabo le lentswe la nyakallo, le lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, le lentswe la ba reng: Lebohang Jehova wa makgotla, hobane Jehova o molemo, hobane mohau wa hae ke o sa feleng, ha ba ntse ba tlisa diteboho tsa bona tlung ya Jehova. Hobane ke tla busetsa ba hapilweng ba lefatshe lena, ba be jwaloka mehleng ya pele, ho bolela Jehova.


Bongata bohle ba ba dumetseng bo ne bo le pelo e le nngwe le moya o le mong feela; ho ne ho se motho ya reng, dintho tseo a nang le tsona ke tsa hae, empa dintho tsa e mong le e mong ba ne ba re, ke tsa bona bohle.


bohle hammoho le tle le tlotlise Modimo, e leng Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, ka molomo o le mong.


Yaba tempele e tlala mosi o tswang kganyeng ya Modimo le matleng a wona, mme ho ne ho se ya ka kenang tempeleng, kotsi tse supileng tsa mangeloi a supileng di eso ho phethehe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ