Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 5:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 le Balevi kaofela, e leng dibini, boAsafe, le Hemane, le Jeduthune, le bara ba bona le banababo bona, ha ba ntse ba eme ka nqa botjhabela ho aletare, ba apere lene e ntle, ba tshwere disimbala, le diviole, le diharepa, ba ena le baprista ba lekgolo le mashome a mabedi ba letsang diterompeta;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Balevi bohle, bao e neng e le dibini, e leng bo-Asafo, le Hemane, le Jedutune, le bara ba bona, le bana babo bona, ba ne ba eme ka botjhabela ho aletare, ba apere diaparo tsa lene tse tshweu, ba letsa matlheretlhere, le dikatara, le diharepa. Ba ne ba tlatsitswe ke baprista ba lekgolo le mashome a mabedi, ba neng ba letsa diterompeta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 5:12
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida le Baiseraele kaofela ba ne ba letsa pela Modimo ka matla wohle a bona, ba bina ka diharepa, le diviole, le meropa, le disimbala, le diterompeta.


Baprista Shebania, Josafate, Nethaneele, Amasai, Sakaria, Benaia le Eliesere, ba ne ba letsa diterompeta pela areka ya Modimo, mme Obed-Edomo le Jehia e ne e le balebedi ba menyako bakeng sa areka.


Haele Davida, o ne a apere kobo ya lene e ntle, le bona Balevi bohle ba jereng areka, le dibini, le Kenania, motsamaisi wa diletsa hara dibini; Davida o ne a apere efoda ya lene.


Ba ne ba tshwanetse ho itlhahisa pela Jehova ka hosasa ho hong le ho hong, ho boka le ho rorisa Jehova, le mantsiboya jwalo;


balebedi ba menyako ba ke ba etse dikete tse nne, mme ba kete tse nne e be ba tla rorisa Jehova ka diletsa tseo ke di entseng hore a roriswe ka tsona.


Ba neng ba tshwara tshebetso eo hammoho le bana ba bona, ho bara ba Bakehathe e ne e le sebini Hemane, mora Joele, mora Samuele,


E mong e ne e le Asafe, ngwanabo, ya neng a ema ka letsohong la hae le letona; ke Asafe, mora Berekia, mora Shimea,


Yaba o emisa Balevi ka tlung ya Jehova ba tshwere disimbala le diviole le diharepa, kamoo ho neng ho laetse Davida le Gade seboni sa morena le Nathane moporofeta; hobane taelo eo e ne e tswile ho Jehova ka baporofeta ba hae.


Balevi ba ema moo jwalo, ba tshwere diletsa tsa Davida, baprista bona ba tshwere diterompeta.


Baprista ba ne ba eme, ba ntse ba sebetsa mosebetsi wa bona, ba ena le Balevi ba tshwereng diletsa tsa Jehova tse neng di entswe ke morena Davida ho rorisa Jehova ka tsona, ba re: Hobane mohau wa hae ke o sa feleng! Ha na ha etswa jwalo le mohla Davida a neng a mo rorisa ka tsona. Mme baprista ba ne ba letsa diterompeta, ba eme mabapa le bona, Baiseraele bohle le bona ba eme ka maoto.


Ba ke ba roke lebitso la hae ka mehobelo, ba mo rorise ka modumo wa meropa le wa diharepa!


Modimo, Modimo Jehova o buile, o bitsitse lefatshe ho nka botjhabatsatsi ho isa bophirimela.


Moya wa ka, ke ho Modimo feela o ka bonang phomolo; hobane poloko ya ka e tswa ho wona.


Dibini di tsamaya sehloohong, ba letsang dithomo ba tla kamora tsona, mahareng a barwetsana ba teang meropa.


Jehova, Modimo wa poloko ya ka, ke howa pela hao motshehare le bosiu.


ka thomo e kgole tse leshome le ka pesalterine, ka harepa e modumo o monate.


Mangeloi a supileng, a tshwereng dikotsi tse supileng, a tswa tempeleng a apere masela a lene e ntle, e kganyang, mme a itlamile difubeng ka dinyepa tsa kgauta.


mme o neilwe ho ikapesa ka lene e ntle, e kganyang, e hlwekileng; hobane lene e ntle eo ke ho loka ha bahalaledi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ