Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 4:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 A etsa dikandelare tse leshome tsa kgauta, ka mokgwa wa tsona o laetsweng, mme a di bea tempeleng, tse hlano ka ho le letona, tse hlano tse ding ka ho le letshehadi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 A etsa didulwana tsa mabone, tsa kgauta, tse leshome, ho ya kamoo di neng di tshwanetse ho ba kateng, a di bea ka Tempeleng, tse hlano ka letsohong le letona, tse hlano ka ho le letshehadi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 4:7
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A bea didulwana tse hlano lehlakoreng le letona la ntlo, tse hlano tse ding ho le letshehadi la ntlo; a bea letsha lehlakoreng le letona la ntlo, ho leba nqa botjhabatsatsi, e le ka nqa borwa.


le dikandelare tsa kgauta e hlwekileng; tse hlano tsa bewa ho le letona, tse hlano tse ding ho le letshehadi, pela sehalaledisiso, le dipalesa tsa tsona, le dilampi, le dikere tsa kgauta,


A mo nea le setshwantsho sa ntho tsohle tseo a di hopotseng moyeng wa hae bakeng sa mabala a ntlo ya Jehova, le sa dikamore tse sikang le dipolokelo tsa matlotlo a ntlo ya Modimo le tsa matlotlo a sehalalelo,


A mo nea le tekanyo ya mesebetsi ya kgauta, le boima ba tseo e neng e ka kgona di etswe ka kgauta, le tekanyo ya mesebetsi yohle ya mefuta yohle; a bolela le boima ba mesebetsi yohle ya silefera, le ya mesebetsi yohle ya mefuta yohle.


A mo nea le boima ba dikandelare tsa kgauta le ba dilampi tsa tsona tsa kgauta, e le boima ba kandelare e nngwe le e nngwe le ba dilampi tsa yona, le ba dikandelare tsa silefera, e leng boima ba kandelare e nngwe le e nngwe le ba dilampi tsa yona, ka ho ya ka mosebetsi wa kandelare e nngwe le e nngwe.


Davida a re: Tsohle tseo, Jehova o nneile kutlwisiso ya tsona ka ho di ngola ka letsoho la hae, ke re, mesebetsi yohle ya tekanyetso eo.


Yaba Jesu o boela a bua le bona, a re: Ke nna lesedi la lefatshe; ya ntatelang a ke ke a tsamaya lefifing, empa o tla ba le lesedi la bophelo.


ba sebetsang ka tse tshwantshang dintho tsa lehodimo le diriti tsa tsona, kamoo Modimo o neng o laetse Moshe kateng, ha a tla etsa tabernakele, wa re: Lemoha hantle, o etse ntho tsohle ka tekanyetso ya tseo o di bontshitsweng.


sephiri sa dinaledi tse supileng tseo o di boneng letsohong la ka le letona, le dikandelare tse supileng tsa kgauta. Dinaledi tse supileng ke mangeloi a dikereke tse supileng; mme dikandelare tse supileng tseo o di boneng, ke dikereke tse supileng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ