Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 4:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 A etsa merifi e leshome; a bea e mehlano ka ho le letona ho ntlo, e meng e mehlano ka ho le letshehadi, hore ho tle ho hlatsuwe dintho ho yona. Ho ne ho hlatsuwa ho yona mekgekgetho e meng ya ditjheso; haele letsha lona baprista ba ne ba iphotla ho lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Jwale Solomone a etsa dikotlolo tse leshome tsa lethose, tsa ho hlatswetsa. A bea tse hlano ka lehlakoreng le letona, tse hlano ka lehlakoreng le letshehadi. Ka ho tsona ho ne ho hlatswetswa dintho tse sebediswang ha ho etswa nyehelo ya setjheso. Tanka yona e ne e sebediswa ke baprista ha ba itlhatswa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 4:6
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A ntoo bopa merifi e leshome ya koporo, morifi o mong le o mong o tshetse dibathe tse mashome a mane. Morifi o mong le o mong boholo ba wona e ne e le ditswe tse nne, mme sedulwana se seng le se seng ho tse leshome se ne se na le morifi wa sona.


Hirame a bopa le dipitsa, le dikgarafu, le mafiswana. Hirame a phetha jwalo mosebetsi wohle wa ntlo ya Jehova, oo a o laetsweng ke morena Salomone:


Hape a etsa letsha le tsholotsweng; le ne le le ditswe tse leshome ho nka morumong o mong ho tlisa morumong o mong; le ne le le letjhitja, botebo ba lona e le ditswe tse hlano, tekanyo ya botjhitja ba lona e le ditswe tse mashome a mararo.


Ntlhatswe, o be o ntlhatswisise bokgopo ba ka, o mphekole sebe sa ka!


O ntoo atametsa Aarone le bara ba hae pela monyako wa tente ya pokano, o ba hlatswe ka metsi.


Kamore e ne e le teng eo ho neng ho kenwa ho yona dipakeng tsa ditshiya tsa menyako; ke hona moo ho neng ho hlatsuwa ditjheso.


O tla hlatswa diteng le ditlhako ka metsi, mme moprista o tla tjhesa ntho tseo kaofela aletareng: ke sona setjheso, sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova.


Empa diteng le ditlhako, o tla di hlatswa ka metsi; moprista o tla tjhesa ntho tseo kaofela aletareng: ke setjheso, sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova.


Mme ke seo ba bang ho lona le neng le le sona; empa le hlatswitswe, empa le halaleditswe, empa le beilwe ba lokileng ka lebitso la Morena Jesu, le ka Moya wa Modimo wa rona.


ana haele madi a Kreste, ya itlhahisitseng ho Modimo ka Moya wa kamehla yohle, e le pheko e se nang letheba, madi ao a tla hlatswa matswalo a lona hakakang mesebetsing e shweleng, hore le tle le sebeletse Modimo o phelang!


Efela ho ne ho tshwaneleha hore dintho tse tshwantshang tse lehodimong di hlatsuwe ka mokgwa oo, empa haele tsa lehodimo di ne di tshwanela ho hlatsuwa ka mahlabelo a fetisang ao.


Empa ha re tsamaya leseding, jwalokaha wona o le leseding, re na le kopano hammoho, mme madi a Jesu Kreste, Mora wa wona, a re hlatswa dibe tsohle.


Ka re ho yena: Monghadi, ho tseba wena. A re ho nna: Ke ba tswang mahlomoleng a maholo; ba hlatswitse diaparo tse telele tsa bona, ba di sweufaditse mading a Konyana.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ