Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 4:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 le matlao, le mafiso, le dikgaba, le dipitsa tsa dibano tsa kgauta e hlwekileng, le monyako wa ntlo, le mamati a wona a kahare a sehalaledisiso, le mamati a menyako ya ntlo ya tempele; le wona ya eba a manehilweng ka kgauta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

22 A etsa le dikere tse lokisang dikgwele tsa mabone, le dikotlolo, le dikgaba, le dipitsana tsa mokubetso, ka kgauta e hlwekisitsweng. Hodima monyako wa Tempele, le hodima mamati a Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa, le hodima mamati a Tempele, a maneha kgauta e hlwekisitsweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 4:22
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A betla teng dikerubime, le dipalema, le dipalesa tse thuntseng, a di kwahela ka kgauta e manehilweng hodima ditshwantsho.


le dipitsana, le matlao, le mafiswana, le dikgaba, le dipitsa tsa dibano tsa kgauta e hlwekileng, le mahokelo a kgauta a mamati a ntlo e hare, e leng sehalaledisiso, le a mamati a ntlo ya tempele.


Empa ha ho a ka ha etsetswa ntlo ya Jehova dipitsana tsa silefera, leha e le matlao, le mafiswana, le diterompeta, le dipitsa tsa kgauta, le dipitsa tsa silefera, ka tjhelete tse tliswang tlung ya Jehova.


Le dipitsa, le tse olang molora, le matlao le dikgaba, le mesebetsi yohle ya koporo eo ho neng ho sebeletswa Jehova ka yona, ba ya le yona.


le dipalesa tsa tsona, le dilampi, le dikere tsa kgauta, kgauta ya tsona e le kgauta e hlwekileng haholo;


Ha phethwa jwalo mosebetsi wohle oo Salomone a o etseditseng ntlo ya Jehova. Salomone a ntoo tlisa mesebetsi e kgehetsweng Modimo ke ntatae, e le silefera, le kgauta, le mesebetsi ya mefutafuta, mme a di bea dipolokelong tsa matlotlo a ntlo ya Modimo.


Matlawana a yona le dipitsana tsa yona tsa molora di ke di etswe ka kgauta e hlwekileng.


O tla etsa dipitsana tsa yona tsa molora, le dikgarafu, le mehope, le difereko, le dipitsa tsa mashala; mesebetsi yohle ya yona o e etse ka koporo.


Ha etswa dilampi tsa yona tse supileng, le matlawana a yona, le dipitsana tsa yona tsa melora tsa kgauta e hlwekileng.


Le dipitsa, le dikgaba, le dithipa, le mafiso, le dijana, le mesebetsi kaofela ya koporo, eo tshebeletso e neng e etswa ka yona, ba ya le yona;


Menyako e ne e na le mamati a mabedi, mamati a bulelwang kahohle; monyako o mong o ne o na le mamati a mabedi, o mong monyako le wona o na le mamati a mabedi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ