Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 4:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Salomone a phetha mesebetsi yohle ya ntlo ya Modimo jwalo, le aletare ya kgauta, le ditafole tsa mahobe a pontsha,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Solomone a etsa dintho tsohle tsa Tempele ya Morena, le aletare ya kgauta, le ditafole tse neng di bea bohobe bo halalelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 4:19
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A ya le matlotlo wohle a ntlo ya Jehova, le matlotlo a ntlo ya morena, a pshatla mesebetsi yohle ya kgauta, e neng e entswe ke Salomone, morena wa Iseraele, tempeleng ya Jehova, jwalokaha Jehova a ne a boletse.


A mo nea kgauta, boima bo itseng ba ho etsa tafole tsa mahobe a pontsha, le ba tafole e nngwe le e nngwe, le silefera ya ho etsa ditafole tsa silefera;


Hape, Salomone a romela ho Hurame, morena wa Tire, a re: Nketsetse kamoo o etseditseng ntate Davida kateng, eo o kileng wa mo romela dikedare tsa ho ikgahela ntlo ya ho dula ho yona.


Eitse selemo ha se thwasa, morena Nebukadnesare a romela ho mo lata, a mo tlisa Babilona, a nka le mesebetsi ya bohlokwa ya ntlo ya Jehova; mme a bea Tsedekia, ngwanabo, morena wa Juda le Jerusalema.


Haele mesebetsi yohle ya ntlo ya Modimo, e meholo le e menyenyane, le matlotlo a ntlo ya Jehova, le matlotlo a morena le a mahosana a hae, a ya le tsohle Babilona.


A etsa le ditafole tse leshome, mme a di bea tempeleng, tse hlano ka ho le letona, tse hlano tse ding ka ho le letshehadi. A etsa le mafiso a lekgolo a kgauta.


Dilemo tse pedi ha di eso ho phethehe, ke tla busetsa nqalong ena mafiso kaofela a ntlo ya Jehova, ao Nebukadnesare, morena wa Babilona, a a nkileng nqalong ena, mme a ile le wona Babilona.


o ikgantsheditse Monghadi wa lehodimo, mehope ya ntlo ya hae e tlisitswe pela hao, mme wena, le mahosana a hao, le basadi ba hao, le dinyatsi tsa hao, le nwetse veine mehopeng eo, wa ba wa roka medimo ya silefera, le ya kgauta, le ya koporo, le ya tshepe, le ya mahong, le ya majwe, e sa boneng, e sa utlweng, e sa tsebeng letho, mme Modimo o fuparetseng phefumoloho ya hao letsohong la wona, o busang tsohle tse tla o hlahela, ha o a ka wa o hlonepha.


kamoo a kileng a kena tlung ya Modimo kateng, a ja mahobe a pontsha, a neng a sa lokele ho jewa ke yana le ke ba nang le yena, e le a baprista ba nnotshi?


Ha tla lengeloi le leng, la ema aletareng, le tshwere pitsa ya kgauta ya ho tjhesa dibano, mme la newa dibano tse ngata, hore le di hlahise le merapelo ya bahalaledi bohle aletareng ya kgauta, e pela terone.


Lengeloi la botshelela la letsa terompeta ya lona, mme ka utlwa lentswe le tswang dinakeng tse nne tsa aletare ya kgauta e pela Modimo,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ