Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 36:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Jojakime o ne a le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano, ha a qala ho busa, a busa ka dilemo tse leshome le motso o mong Jerusalema. A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, Modimo wa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Jehoyakime o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano, ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse leshome le motso o mong, a le Jerusalema. A etsa bobe mahlong a Morena Modimo wa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 36:5
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

La eba teng le mehleng ya Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda, ho isa qetellong ya selemo sa leshome le motso o mong sa puso ya Tsedekia, mora Josiase, morena wa Juda, mohla ba Jerusalema ba iswang kgolehong, ka kgwedi ya bohlano.


Tshimolohong ya puso ya Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda, lentswe lena le tswang ho Jehova la tla ho nna, la re:


Lentswe le tswang ho Jehova le kile la tla ho Jeremia, mehleng ya Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda, la re:


Ka selemo sa bone sa Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda, lentswe lena le tswang ho Jehova la tla ho Jeremia, la re:


Lentswe leo moporofeta Jeremia a kileng a le bolella Baruke, mora Neria, ha a ne a ntse a ngola mantswe ana kaofela bukeng, ka molomo wa Jeremia, ka selemo sa bone sa Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda, ke le reng:


Ka selemo sa boraro sa ho busa ha Jojakime, morena wa Juda, Nebukadnesare, morena wa Babilona, a futuhela Jerusalema, mme a o thibella ka ntwa.


Morena a neela Jojakime, morena wa Juda, le mesebetsi e meng ya ntlo ya Modimo matsohong a hae; Nebukadnesare a e isa naheng ya Shineare ka tlung ya modimo wa hae, a kenya mesebetsi eo polokelong ya letlotlo la modimo wa hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ