2 Dikronike 36:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)23 Ho itswe ke Siruse, morena wa Persia: Jehova, Modimo wa mahodimo, o nneile mebuso yohle ya lefatshe; o ntaetse hore ke mo hahele ntlo Jerusalema, naheng ya Juda. Hara lona bohle, mang le mang eo e leng wa setjhaba sa hae, Jehova, Modimo wa hae, a be le yena, mme a nyolohe! အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE23 “Siruse, kgosi ya Peresiya, o bua tjena: ‘Morena Modimo wa mahodimo, o nneile mebuso yohle ya lefatshe, mme o ntaetse hore ke mo hahele Tempele Jerusalema, naheng ya Juda. E mong le e mong wa setjhaba sa hae, ya teng mona hara lona, ke re Morena Modimo wa hae, a ke a be le yena, mme eo a nyolohele hona teng.’ ” အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
o ikgantsheditse Monghadi wa lehodimo, mehope ya ntlo ya hae e tlisitswe pela hao, mme wena, le mahosana a hao, le basadi ba hao, le dinyatsi tsa hao, le nwetse veine mehopeng eo, wa ba wa roka medimo ya silefera, le ya kgauta, le ya koporo, le ya tshepe, le ya mahong, le ya majwe, e sa boneng, e sa utlweng, e sa tsebeng letho, mme Modimo o fuparetseng phefumoloho ya hao letsohong la wona, o busang tsohle tse tla o hlahela, ha o a ka wa o hlonepha.