2 Dikronike 36:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)21 hore ho tle ho phethehe lentswe la Jehova le neng le boletswe ka molomo wa Jeremia, ho fihlela lefatshe le phetha Disabatha tsa lona; la fela la lala ka motsotso wohle oo le ileng la etswa nahathothe ka wona, hore ho be ho phethehe dilemo tse mashome a supileng. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE21 E ne e le hore ho phethahale dipolelo tsa Morena tse neng di bolelwe ke Jeremia, ha a ne a re: “Ho fihlela dilemo tse mashome a supileng di fela, naha e tla lala ka nako yohle eo e ntseng e hloka baahi ka yona.” အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
bonang, ke ya romela ho lata merabe yohle ya leboya, ho bolela Jehova, le yena Nebukadresare, morena wa Babilona, mohlanka wa ka, mme ke tla ba tlisa ho lwantsha lefatshe lena le baahi ba lona, le ditjhaba tsohle tsena tse mathokong, ke di neele anathema, ke di bee makatso, le sesomo, le tshenyeho ka ho sa feleng.