Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 36:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 A isa Babilona kgolehong bohle ba neng ba phonyohile lerumong; ya eba bafo ba hae le ba bara ba hae ho ya fihla pusong ya mmuso wa Persia;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Ba ileng ba phonyoha saboleng a ba thopa, a ba isa Babilona, moo e ileng ya eba bahlanka ba hae, le ba bara ba hae, ho fihlela puso e nkwa ke Peresiya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 36:20
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Haele ba setseng ba setjhaba ba neng ba tlohetswe motseng, le ba thobileng, ba ineetseng morena wa Babilona, le ba setseng ba bangata, Nebusaradane, molaodi wa bahlabani ba morena, a ba isa kgolehong.


Ka selemo sa pele sa Siruse, morena wa Persia, ho tle ho phethehe lentswe la Jehova le neng le boletswe ka molomo wa Jeremia, Jehova a susumetsa pelo ya Siruse, morena wa Persia, hore mmusong wohle wa hae a tsamaise tsebiso e ngodilweng, e reng:


Ke bana batho ba naha ba kgutlileng kgolehong, ba neng ba isitswe kgolehong Babilona ke Nebukadnesare, morena wa Babilona, ba boetseng ba kgutletse Jerusalema le Juda, e mong le e mong motseng wa habo,


Empa eitse hobane bontata rona ba halefise Modimo wa mahodimo, wa ba neela matsohong a Nebukadnesare Mokalde, morena wa Babilona; ke yena ya neng a fedise ntlo ena, a ba a isa setjhaba Babilona kgolehong.


Ke na be ke halefetse setjhaba sa ka, ke na be ke sentse lefa la ka, ke na be ke ba neetse matsohong a hao; empa ha o a ka wa ba hauhela le hanyenyane, wa bea joko e fetisang ka boima hodima leqheku.


Lefatshe lena lohle le tla etswa tshenyeho le makatso, mme ditjhaba tsena di tla sebeletsa morena wa Babilona ka dilemo tse mashome a supileng.


Ditjhaba tsohle di tla mo sebeletsa, yena, le mora wa hae, le setloholo sa hae, ho fihlela mohla nako ya lefatshe la hae le lona e hlahang ya ho kokobetswa ke ditjhaba tse ngata le ke mebuso e meholo.


Ba setjhaba bao Nebukadresare a ileng a ba isa kgolehong, ke bana: Ka lemo sa bosupa ya eba Bajuda ba dikete tse tharo tse nang le mashome a mabedi a metso e mararo.


Jwale, o hlomilwe lefeelleng, naheng e omileng, e nyorilweng.


ba ena le Bapersia, le Bakushe, le Baputhe, ba nang le dithebe le diheleme kaofela ha bona;


Meneka, o utlwe bohloko, moradi wa Sione, jwaloka ya belehang; hobane jwale, o se o tla tswa hae, o tla dula naheng, o be o fihle Babilona. Empa teng o tla lokollwa; teng, Jehova o tla o lopolla matsohong a dira tsa hao.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ