Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 36:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Ba tjhesa ntlo ya Modimo, ba heletsa lerako la Jerusalema; ba tjhesa le matlo wohle a teng a moreneng, ba timetsa ntho tsohle tsa teng tsa bohlokwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Ba tjhesa Tempele ya Morena, ba heletsa marako a Jerusalema, ba tjhesa matlo wohle a matle a kgosi ka mollo, ba senya le thepa yohle ya bohlokwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 36:19
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ntlo eo, leha e phahame hakalo, motho ka mong ya fetang pela yona o tla makala, a tee molodi, a re: Jehova o etseditseng naha eo le ntlo eo jwalo?


Ho thwe ke Jehova: Ke se ke ya hlahisetsa motse ona le ba ahileng ho wona kotsi, ka dithohako tsohle tse ngodilweng bukeng e badilweng pela morena wa Juda.


ke tla le kumola naheng ya ka eo ke le neileng yona; le ntlo ena, eo ke e kgethetseng lebitso la ka ke tla e lahla, ke e etse tshomo le sesomo ditjhabeng tsohle:


ba re ho nna: Masala a setseng a kgoleho, a ahileng naheng yane, a mahlomoleng a maholo le sekgobong; lerako la Jerusalema le ntse le le dikgeo, le mamati a teng a dutse a tjhele ke mollo.


Ka re ho morena: Morena a ne a phele ka ho sa feleng! Na nka tlohela ho sosobana sefahleho jwang, haele mona motse wa mabitla a bontate o senyehile, mme mamati a wona a dutse a tjhele?


Oho Modimo, bahedene ba kene lefeng la hao, ba silafaditse tempele ya hao e halalelang, ba entse Jerusalema dithako.


Hobane ba jele Jakobo, ba sentse moaho wa hae!


Morara o tjhele ke mollo, o remilwe; ba fela ke tshokelo ya sefahleho sa hao.


ke tla e senya, e se hlole e hlaholwa, e lengwa, mme e mele dibajwa le meutlwa; mme ke tla laela maru hore a se hlole a nesetsa pula ho yona.


Hobane ke emisetsa motse ona sefahleho sa ka ka bobe, e seng ka botle, ho bolela Jehova; o tla neelwa matsohong a morena wa Babilona, hore a tle a o tjhese ka mollo.


Empa ke tla le otla ka ho lekanya diketso tsa lona, ho bolela Jehova; mme ke tla tukisa mollo morung wa lona, hore o ye o fedise mathoko wohle.


Bakalde ba lwantshang motse ona, ba tla kena, ba tjhese motse ona, ba o tjhese ka mollo, le wona matlo ao ba tjheseditseng Baale dibano hodima wona, mme ba tsholetse teng medimo esele dino, ba tle ba mphephetse.


ka baka leo, ke ya etsa ntlo eo lebitso la ka le bitswang ho yona, eo le itshepetseng yona, le leaho leo ke le neileng lona le bontata lona, jwalokaha ke setse ke entse Silo;


Le se ke la itshepela dipolelong tseo tsa lefeela tse reng: Tempele ya Jehova, tempele ya Jehova, tempele ya Jehova ke yona eo!


Na kgauta e hlile e a fifala jwang? Kgauta e lekilweng e fetohile mmala jwang! Majwe a sehalalelo a hasane keng dikoung tsa mapatlelo wohle na?


Ka baka leo, ka molato wa lona, Sione o tla lengwa jwaloka tshimo, Jerusalema a fetohe diqubu tsa majwe, le thaba ya ntlo ya Jehova e fetohe thaba ya meru.


Leha ho le jwalo, mantswe a ka le dikahlolo tsa ka tseo ke neng ke di laetse bahlanka ba ka, baporofeta, na ha di a ka tsa fihlela bontata lona? Ba ba ba kgutla, ba re: Kamoo Jehova wa makgotla a neng a hopotse ho re etsa kateng, e leng ka metsamao ya rona le ka diketso tsa rona, o fela a re entse jwalo.


Haele ka tseo le di tadimileng, ho ya tla matsatsi ao lejwe le sa tlo ka le leswa hodima lejwe le leng, le sa heletswa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ