Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 36:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Jehova a laela hore morena wa Bakalde a ba futuhela; a bolaya bahlanka ba bona ka lerumo, ka tlung ya sehalalelo sa bona, mme ha a ka a qenehela mohlankana, leha e le morwetsana, kapa leqheku, kapa motho ya moriri o moputswa; a ba neela matsohong a hae kaofela ha bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Morena a etsa hore kgosi ya Bakalatiya e ba futuhele; ya bolaya bahlankana ka sabole, ya ba bolaela ka Sehalalelong sa Tempele. Ya se ke ya hauhela bahlankana, kapa barwetsana, kapa maqheku, kapa ba seng ba kgokgoba ke botsofadi; Morena a neelana ka bona bohle matsohong a kgosi eo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 36:17
39 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa ba mo rera, mme ba mo tlepetsa ka majwe lebaleng la ntlo ya Jehova, ka taelo ya morena.


Yaba Jehova o ba tlisetsa balaodi ba makgotla a morena wa Assiria; ba tshwara Manasse ka dikgoketsane, ba mo tlama ka mahlaahlela a koporo, mme ba mo isa Babilona.


Ho thwe ke Jehova: Ke se ke ya hlahisetsa motse ona le ba ahileng ho wona kotsi, ka dithohako tsohle tse ngodilweng bukeng e badilweng pela morena wa Juda.


Empa eitse hobane bontata rona ba halefise Modimo wa mahodimo, wa ba neela matsohong a Nebukadnesare Mokalde, morena wa Babilona; ke yena ya neng a fedise ntlo ena, a ba a isa setjhaba Babilona kgolehong.


Haesale le mehleng ya bontata rona, re bile molato haholo ho fihlela kajeno. Ke ka baka la makgopo a rona, rona le marena a rona le baprista ba rona, re kileng ra neelwa matsohong a marena a dinaha tseo, ra neelwa lerumo le kgoleho le tshenyeho le dihlong, jwalokaha ho le jwalo le kajeno.


O hopole selekane sa hao, hobane dinqalo tse ntsho tsa lefatshe di tletse mahaha a dihlola.


Oho Modimo, bahedene ba kene lefeng la hao, ba silafaditse tempele ya hao e halalelang, ba entse Jerusalema dithako.


Ba tla bolaya ba batjha ka metsu, ba ke ke ba hauhela bana ba sa leng popelong, mahlo a bona a ke ke a utlwela ba anyang bohloko.


Ke ka baka leo ke nyedisitseng marena a sehalalelo, mme ka neela Jakobo ho rohakwa, le Iseraele ho nyediswa.


Ke na be ke halefetse setjhaba sa ka, ke na be ke sentse lefa la ka, ke na be ke ba neetse matsohong a hao; empa ha o a ka wa ba hauhela le hanyenyane, wa bea joko e fetisang ka boima hodima leqheku.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova wa makgotla: Bonang, ke se ke tla ba otla, ba batjha ba shwe ke lerumo, bara ba bona le baradi ba bona ba shwe ke tlala.


Ba tla shwa lefatsheng lena, ba baholo le ba banyenyane, ba sa epelwe, ba sa llelwe, ho sa iphatsetswe, ho sa ikutelwe bona.


Ka baka leo, o neele bana ba bona tlala, o ba telle lerumo; basadi ba bona ba hloke bana, e be bahlolohadi, banna ba bona ba bolawe ke lefu, le bahlankana ba bona ba hlajwe ke lerumo ntweng.


Lentswe le tswang ho Jehova la tla ho Jeremia, mohla morena Tsedekia a romang ho yena Pashkure mora Malkia, le Sofonia mora Maaseia, moprista, ka ho re:


Kamora tseo, ho bolela Jehova, yena Tsedekia, morena wa Juda, le bahlanka ba hae, le setjhaba, le ba siilweng motseng ona ke lefu la sewa, le ke lerumo, le ke tlala, ke tla ba neela matsohong a Nebukadresare, morena wa Babilona le matsohong a bao e leng dira ho bona, le matsohong a ba batlang bophelo ba bona; o tla ba otla ka bohale ba lerumo, a sa ba hauhele, a sa ba qenehele, a sa ba rekolohele.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Bona, ke ya neela motse ona matsohong a Bakalde, le matsohong a Nebukadresare, morena wa Babilona, a tle a o kene.


Hobane ho itswe ke Jehova: Jwalokaha ke tlisitse bobe boo bo boholo kaofela hodima setjhaba sena, le hona ke tla tlisa ho bona molemo kaofela oo ke o boletseng bakeng sa bona.


Mme Jehova o bo hlahisitse, o entse kamoo a neng a boletse kateng, kahobane le sitetswe Jehova, mme ha le a ka la mamela lentswe la hae; ke moo le hlahetsweng ke taba tseo.


Ka wena ka pshatla monna le mosadi; ka wena ka pshatla ya hodileng le e motjha; ka wena ka pshatla mohlankana le morwetsana.


Hobane lefu le tlolela ka difensetere tsa rona, le kena matlung a kgabileng, ho tla bolaya bana seterateng, le bahlankana mapatlelong.


Ba tla nyolla sera, se tla tla o lwantsha, mme ba tla o tlepetsa ka majwe, ba o pomake dikoto ka marumo a bona.


Wena mora motho, porofeta, o re: Morena Jehova o bolela bakeng sa bana ba Ammone le bakeng sa dinyefolo tsa bona. Ere: Lerumo, lerumo le pshemotswe, le bentsheditswe ho bolaya, le ho qeta, le ho hadima.


Ke ka baka leo Jehova a fadimehetseng tsietsi eo, mme a e tlisitse hodima rona, hobane Jehova, Modimo wa rona, o lokile diketsong tsohle tseo a di etsang, empa ha re a ka ra utlwa lentswe la hae.


Leha ho le jwalo, mantswe a ka le dikahlolo tsa ka tseo ke neng ke di laetse bahlanka ba ka, baporofeta, na ha di a ka tsa fihlela bontata lona? Ba ba ba kgutla, ba re: Kamoo Jehova wa makgotla a neng a hopotse ho re etsa kateng, e leng ka metsamao ya rona le ka diketso tsa rona, o fela a re entse jwalo.


ke a le bolella kajeno hore le tla timela ruri, mme le ke ke la ngatafatsa matsatsi a lona lefatsheng leo o tla kena ho lona ho ya le rua, ka ho tshela Jordane.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ