Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 36:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Esita le mahosana wohle a baprista le sona setjhaba, ba nna ba ya ba atisa ditshito tsa bona ka ho ya ka manyala wohle a ditjhaba; mme ba silafatsa ntlo ya Jehova eo a neng a e halaleditse Jerusalema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Le baprista bohle ba ka sehloohong, mmoho le setjhaba, ba sitwa haholo, ba latela manyala wohle a baditjhaba, ba silafatsa Tempele ya Morena, eo a neng a e halaleditse Jerusalema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 36:14
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A tjhesa dibano kgohlong ya bana ba Hinnome, a tjhesa bara ba hae mollong, ka ho ya ka manyala a ditjhaba tseo Jehova a neng a di faladitse pela bana ba Iseraele.


Manasse a kgelosa Bajuda jwalo le baahi ba Jerusalema, hore ba etse bobe ho fetisa ditjhaba tse neng di timeditswe ke Jehova pela bana ba Iseraele.


Ho thwe ke Jehova: Ke se ke ya hlahisetsa motse ona le ba ahileng ho wona kotsi, ka dithohako tsohle tse ngodilweng bukeng e badilweng pela morena wa Juda.


Hape, a kwenehela morena Nebukadnesare, ya neng a mo hlapantshitse ka Modimo; a satalatsa molala wa hae, mme a thatafatsa pelo ya hae, hore a se ke a sokolohela ho Jehova, Modimo wa Iseraele.


Jehova, Modimo wa bontata bona, a nna a romela ho bona ka manqosa a hae, a nna a a roma e sa le hosasa, hobane a ne a utlwela setjhaba sa hae le bodulo ba hae bohloko.


Haesale le mehleng ya bontata rona, re bile molato haholo ho fihlela kajeno. Ke ka baka la makgopo a rona, rona le marena a rona le baprista ba rona, re kileng ra neelwa matsohong a marena a dinaha tseo, ra neelwa lerumo le kgoleho le tshenyeho le dihlong, jwalokaha ho le jwalo le kajeno.


Empa ba beile manyala a bona ka tlung eo lebitso la ka le bitswang hodima yona, ba tle ba e silafatse.


Ba hahetse Baale dinqalo tse diphahameng, kgohlong ya mora Hinnome, ba tle ba tjhesetse Moloke bara ba bona le baradi ba bona teng; e leng seo ke sa kang ka ba laela sona, mme ha se a ka sa hlaha pelong ya ka, hore ba nne ba etse manyala a jwalo ho sitisa Juda.


Yaba baholo ba re ho morena: Motho eo a ke a bolawe; hobane o ntse a fokodisa matsoho a bahlabani ba sa setseng motseng ona, le matsoho a setjhaba kaofela, ka ho ba bolella taba tse jwalo; hobane motho eo ha a batlele setjhaba sena molemo, empa e le kotsi.


Ke tla ya ho ba baholo, ke bue le bona, hobane bona ba tseba tsela ya Jehova le molao wa Modimo wa bona. Empa le bona kaofela ba robile joko, ba lokolotse ditlamo.


Ka baka leo, tau ya moru e tla ba bolaya, phiri ya lefeella e ba qete, lengau le nanarele metse ya bona, e mong le e mong ya tswang ho yona a harolwe, hobane ditlolo tsa bona di ngata, mme ho atile bokwenehi ba bona.


Ke hona le tla tseba hoba ke nna Jehova, lona le sa kang la tsamaya ka dikomelo tsa ka, le sa kang la etsa ka melao ya ka, le mpileng la etsa ka ditaelo tsa ditjhaba tse le teetseng hare.


Bona, dikgosana tsa Iseraele, e nngwe le e nngwe kamoo matla a yona a leng kateng, di ha hao, hore di tle di tsholle madi.


Ha re a ka ra utlwa baporofeta, bahlanka ba hao, ba buileng ka lebitso la hao ho marena a rona, le ho mahosana a rona, le ho bontata rona, le ho setjhaba kaofela sa naha.


Morena, maswabi a difahleho ke a rona, le a marena a rona, le a mahosana a rona, le a bontata rona, hobane re o sitetswe.


Le boloke Disabatha tsa ka, mme le hlomphe nqalo e halalelang ya ka. Ke nna Jehova.


Motho ya bokgabane o timetse lefatsheng, ha ho sa le ya lokileng hara batho. Bohle ba lalla hore ba tsholle madi, e mong le e mong o tsoma ngwanabo ka leraba.


Etlare hobane o kene lefatsheng leo Jehova, Modimo wa hao, a o neang lona, o ke ke wa ithuta ho etsa ka manyala a ditjhaba tsa teng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ