Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 36:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Eitse selemo ha se thwasa, morena Nebukadnesare a romela ho mo lata, a mo tlisa Babilona, a nka le mesebetsi ya bohlokwa ya ntlo ya Jehova; mme a bea Tsedekia, ngwanabo, morena wa Juda le Jerusalema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 Ha selemo se thwasa, kgosi Nebukadenesare a mo romela maqosa, a mo isa Babilona le thepa ya bohlokwa ya Tempele ya Morena, mme a bea Sedekia, ngwanabo, hore e be kgosi ya Juda le Jerusalema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 36:10
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eitse hobane lemo seo se fete, ka nako eo marena a atisang ho futuha ka yona, Davida a roma Joabe le bahlanka ba hae le Baiseraele bohle, ba ya, ba senya lefatshe la bana ba Ammone, ba ntoo ya thibella Rabba. Haele Davida, a sala Jerusalema.


Bona matsatsi a tla, ao tsohle tse ka tlung ya hao, le tsohle tseo bontatao ba di bokeletseng ho fihlela la kajeno, di tla iswa Babilona; ha ho ka ke ha sala letho: ho itsalo Jehova.


Haele mesebetsi yohle ya ntlo ya Modimo, e meholo le e menyenyane, le matlotlo a ntlo ya Jehova, le matlotlo a morena le a mahosana a hae, a ya le tsohle Babilona.


Nebukadnesare a isa mesebetsi e meng ya ntlo ya Jehova Babilona, mme a e bea tlung ya hae ya moreneng Babilona.


O ne a nkilwe Jerusalema, a isitswe kgolehong hammoho le Jekonia, morena wa Juda, ya neng a isitswe kgolehong ke Nebukadnesare, morena wa Babilona.


Ha e le bara ba hao ba tla tswa ho wena, bao o tla ba tswala, ho tla nkwa ba bang, hore ba etswe maqhalaha ka tlung ya morena wa Babilona.


Ke tla neela maruo kaofela a motse ona, le mesebetsi yohle ya wona, le monono wohle o thata wa wona, le matlotlo kaofela a marena a Juda, ke di neele matsohong a bao e leng dira ho bona, ba tle ba di phahle, ba ye le tsona, ba di ise Babilona.


Ke tla o neela matsohong a ba batlang bophelo ba hao, le matsohong a bao o thothomelang pela bona, le matsohong a Nebukadresare, morena wa Babilona, le matsohong a Bakalde.


Eitse hobane Nebukadresare, morena wa Babilona, a tshware Jekonia, mora Jojakime, morena wa Juda, le baholo ba Juda, le dibetli, le malala Jerusalema, a ba kentse Babilona, Jehova a mpontsha pono; mme bonang, diroto tse pedi tsa difeiye di ne di beilwe pela tempele ya Jehova.


Ka bolella le baprista le setjhaba sena kaofela, ka re: Ho itswe ke Jehova: Le se ke la mamela mantswe a baporofeta ba lona ba ntseng ba le porofetela, ba re: Bonang, mafiso a ntlo ya Jehova a sa ya kgutliswa Babilona kapele; athe ba le porofetela leshano.


Dilemo tse pedi ha di eso ho phethehe, ke tla busetsa nqalong ena mafiso kaofela a ntlo ya Jehova, ao Nebukadnesare, morena wa Babilona, a a nkileng nqalong ena, mme a ile le wona Babilona.


Tulong tsa Jekonia, mora Jojakime, ha busa Tsedekia, mora Josiase, a beilwe morena lefatsheng la Juda ke Nebukadresare, morena wa Babilona.


Ka selemo sa bohlano sa ha morena Jojakine a isitswe kgolehong, ka la bohlano ho kgwedi,


Ere ho ntlo eo ya bahanyetsi: Na ha le tsebe tse tshwantshwang ka taba tseo? Ere: Bonang, morena wa Babilona o ne a tle Jerusalema, a tshwara morena le mahosana teng, a ya le bona Babilona.


La mela, la fetoha morara o namileng, empa e le o rarelang nqa fatshe, makala a wona a lebile ka ho ntsu, metso ya wona e le tlasa wona; ya eba morara o hlomelang makala, o melang le makalana.


Belshatsare ha a se a nwele veine, a laela hore ho tliswe mehope ya kgauta le ya silefera eo ntatae Nebukadnesare a neng a e hapile tempeleng ya Jerusalema, hore morena, le mahosana a hae, le basadi ba hae, le dinyatsi tsa hae, ba nwe ka mehope eo.


o ikgantsheditse Monghadi wa lehodimo, mehope ya ntlo ya hae e tlisitswe pela hao, mme wena, le mahosana a hao, le basadi ba hao, le dinyatsi tsa hao, le nwetse veine mehopeng eo, wa ba wa roka medimo ya silefera, le ya kgauta, le ya koporo, le ya tshepe, le ya mahong, le ya majwe, e sa boneng, e sa utlweng, e sa tsebeng letho, mme Modimo o fuparetseng phefumoloho ya hao letsohong la wona, o busang tsohle tse tla o hlahela, ha o a ka wa o hlonepha.


Setjhaba seo se soma marena, ho sona mahosana ke sesomo; se tsheha qhobosheane e nngwe le e nngwe, se be se bokelle lerole, se di hape.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ