Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 35:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Mahosana a hae le wona a ntshetsa setjhaba, baprista le Balevi sehlabelo ka ho rata. Hilkia, le Sakaria le Jehiele, mahosana a ntlo ya Modimo, ba nea baprista, hore ba etse Paseka ya bona, dikonyana tse dikete tse pedi tse nang le makgolo a tsheletseng, le dikgomo tse makgolo a mararo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 Mahosana a hae a ntsha nyehelo ya boithaopo, e le ya setjhaba le ya baprista, le ya Balevi. Baokamedi ba Tempele ya Modimo, e leng Hilekiya, le Sekariya, le Jehiele, ba nea baprista dikgutshwane tsa Paseka tse dikete tse pedi le makgolo a tsheletseng, le dipohwana tse makgolo a mararo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 35:8
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hape, Modimo wa ka, ke a tseba hoba o lekola pelo, mme o kgahlwa ke ho loka. Haele nna, ha ke o neetse ntho tseo kaofela ka ho rata, ke ka ho loka ha pelo ya ka; mme jwale ke thabile ha ke bona setjhaba sa hao se leng mona se o ntshetsa dimpho tsa sona ka ho rata.


Mehleng ya kgale, Finease, mora Eleasare, ya eba modisa wa bona, mme Jehova a nna a ba le yena.


Hobane Esekiase, morena wa Juda, o ne a ntsheditse phutheho dipoho tse sekete le dinku tse dikete tse supileng; mahosana a ne a ntsheditse phutheho dipoho tse sekete le dinku tse dikete tse leshome; mme baprista ba bangata ba ne ba ikgalaleditse.


boJehiele, Asaria, Nahathe, Asaele, Jerimothe, Josabade, Eliele, Jismakia, Mahathe, le Benaia ba bewa bahlahlobi tsamaisong ya Konania le Shimei ngwanabo, ka taelo ya morena Esekiase le ka ya Asaria, motsamaisi wa ntlo ya Modimo.


Ba fihla ho Hilkia, moprista e moholo, ba newa ditjhelete tse neng di tlisitswe tlung ya Modimo, tseo Balevi, balebedi ba monyako, ba neng ba di amohetse ho Manasse le Efraime, le ho Baiseraele bohle ba bang, le ho Bajuda bohle le ho Benjamine, le ho baahi ba Jerusalema.


Josiase a ntshetsa bana ba setjhaba dikonyana le dipotsanyane tse dikete tse mashome a mararo, ha di balwa; kaofela ha tsona e le ho etsa Paseka ya bohle ba neng ba le teng, le dikgomo tse dikete tse tharo; ntho tseo tsa nkwa maruong a morena.


Bohle ba ahisaneng le bona ba ba thusa ka dipitsa tsa silefera le tsa kgauta, le ka mesebetsi, le ka dikgomo, le ka dintho tsa bohlokwa, kantle ho tsohle tse ntshitsweng ka ho rata.


le silefera le kgauta tseo o ka di fumanang seterekeng sohle sa Babilona, hammoho le dimpho tse tla ntshetswa ntlo ya Modimo o Jerusalema ke setjhaba le baprista ka ho rata ha bona.


Moradi wa Tire o tla o nyehela, ba baholo hara setjhaba ba o ananele.


Yaba marena a Iseraele, dihlooho tsa matlo a bontata bona, tseo e leng marena a meloko, a beilweng ho hlahloba ho balwa ha setjhaba, a hlahisa dikabelo tsa wona.


Yare ba sa bua le batho, baprista ba fihla ho bona, ba ena le molaodi wa tempele le basadusi,


Yaba molebedi wa tempele le bahlanka ba lekgotla ba ya, ba ba tlisa, empa e seng ka matla, kahobane ba ne ba tshaba ho tlepetswa ka majwe ke setjhaba.


Hobane ho rata ha ho le teng, motho o ye a natefelwe ka seo a nang le sona, e seng ka seo a se hlokang.


E mong le e mong a ntshe kamoo a seng a lekantse pele kateng, pelong ya hae; e seng ka ho swaba, leha e le ka ho kgannwa; hobane Modimo o rata ya fanang a thabile.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ