Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 35:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Josiase a ntshetsa bana ba setjhaba dikonyana le dipotsanyane tse dikete tse mashome a mararo, ha di balwa; kaofela ha tsona e le ho etsa Paseka ya bohle ba neng ba le teng, le dikgomo tse dikete tse tharo; ntho tseo tsa nkwa maruong a morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 Josiya a nea setjhaba mehlape ya dikonyana le ya dipotsanyane e etsang dikete tse mashome a mararo, le dipohwana tse dikete tse tharo tse tswang mehlapeng ya kgosi. E ne e le nyehelo ya Paseka, ya bohle ba neng ba le teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 35:7
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Salomone a hlaba sehlabelo sa teboho, seo a se hlabelang Jehova, sa dikgomo tse dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi, le dinku tse dikete tse lekgolo le nang le mashome a mabedi. Morena le bana bohle ba Iseraele ba kgethela Jehova ntlo jwalo.


Hape, ka baka la ho rata ntlo ya Modimo wa ka, kgauta le silefera tseo e leng tsa ka ka sebele, ke di ntshetsa ntlo ya Modimo wa ka, kantle ho tsohle tseo ke li lokiseditseng ntlo ya sehalalelo,


Hobane Esekiase, morena wa Juda, o ne a ntsheditse phutheho dipoho tse sekete le dinku tse dikete tse supileng; mahosana a ne a ntsheditse phutheho dipoho tse sekete le dinku tse dikete tse leshome; mme baprista ba bangata ba ne ba ikgalaleditse.


Haele kabelo ya morena, a e ntsha leruong la hae ho etsa ditjheso, e le ditjheso tsa hosasa le tsa mantsiboya, le ditjheso tsa Disabatha le tsa dikgwedi tse thwasang, le tsa mekete, jwalokaha ho ngodilwe molaong wa Jehova.


le hlabe Paseka, le ikgalaletse, mme le e lokisetse banababo lona, ka ho ya ka lentswe la Jehova le neilweng ka Moshe.


Mahosana a hae le wona a ntshetsa setjhaba, baprista le Balevi sehlabelo ka ho rata. Hilkia, le Sakaria le Jehiele, mahosana a ntlo ya Modimo, ba nea baprista, hore ba etse Paseka ya bona, dikonyana tse dikete tse pedi tse nang le makgolo a tsheletseng, le dikgomo tse makgolo a mararo.


Empa motho ya kgabane o rera tsa bokgabane o phehella tsa bokgabane.


Jwaloka mehlape ya dinku tse kgethetsweng mahlabelo, e leng mehlape ya Jerusalema diphuthehong tsa teng tse mahlonoko, ka mokgwa o jwalo, metse e timeditsweng e tla tlala mehlape ya batho, ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova.


Haele morena, ke yena ya tla batlela mekete, le dikgwedi tse thwasang, le Disabatha, le diphutheho tsohle tsa ntlo ya Iseraele, ditjheso le dinyehelo le ditshelo. Ke yena ya tla hlaba sehlabelo sa sebe, le nyehelo, le setjheso, le mahlabelo a teboho, ho etsetsa ntlo ya Iseraele pheko ka tsona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ