Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 35:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Hape, a re ho Balevi, ba rutang Baiseraele bohle, ba ikgalalleditseng Jehova: Beang areka e halalelang tlung e hahilweng ke Salomone, mora Davida, morena wa Iseraele. Ha ho sa tla ba phahlo hodima mahetla a lona; jwale, sebeletsang Jehova, Modimo wa lona, le setjhaba sa hae sa Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 A re ho Balevi ba neng ba ruta Iseraele yohle, ba neng ba halaleleditswe Morena: “Beang areka e halalelang ka Tempeleng eo Solomone, mora wa Davida, kgosi ya Iseraele, a neng a e hahe; le se ke la hlola le sa e jara ka mahetla a lona. Jwale sebeletsang Morena Modimo wa lona, le setjhaba sa hae sa Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 35:3
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

haele Balevi, ha ba sa na ho jara tabernakele leha e le mesebetsi yohle ya tshebetso.


Ka selemo sa boraro sa ho busa ha hae, a roma mahosana a hae, boBene-Haile, Obadia, Sakaria, Nethaneele, le Mikea, hore ba ye ho ruta metseng ya Juda;


Esekiase a kgothatsa Balevi bohle ba neng ba hlalefetse tshebeletso ya Jehova, mme ba eja dijo tsa mokete ka ditshiu tse supileng, ba ntse ba hlaba mahlabelo a teboho, ba boka Jehova, Modimo wa bontata bona.


Eitse ha ho ntse ho ntshwa ditjhelete tse tlisitsweng tlung ya Jehova, Hilkia, moprista, a fumana buka ya molao wa Jehova o neilweng ka Moshe.


Baprista ba tlisa areka ya selekane sa Jehova tulong tsa yona, sehalalelong sa ntlo, sehalaledisisong, tlasa mapheo a dikerubime.


Yaba Salomone o lata moradi wa Faro motseng wa Davida, a mo tlisa tlung eo a mo hahetseng yona, a re: Mosadi wa ka a ke ke a dula tlung ya Davida, morena wa Iseraele, hobane dinqalo tseo areka ya Jehova e keneng ho tsona, di halalehile.


Hobane Moshe o ne a itse: Ikgetheleng Jehova kajeno, leha e ka ba ho lwantsha e mong le e mong mora wa hae le ngwanabo, hore Modimo o tle o le hlohonolofatse kajeno.


Hobane melomo ya moprista e tshwanetse ho boloka tsebo, molao o tle o batlwe molomong wa hae, hobane ke lenqosa la Jehova wa makgotla.


Ruri ke neile Aarone le bara ba hae Balevi hara bana ba Iseraele, ba tle ba etsetse bana ba Iseraele tshebetso ya tente ya pokano, mme ba etsetse bana ba Iseraele pheko hore kotsi e se ke ya hlahela bana ba Iseraele, mohla bana ba Iseraele ba atamelang sehalalelo.


Hobane ha re ipolele, empa re bolela Jesu Kreste hore ke Morena; mme haele rona, re ipolela hore re bahlanka ba lona, ka baka la Jesu.


Ba tla ruta Jakobo dikahlolo tsa hao, ba rute Iseraele molao wa hao. A ba ke ba o beele dibano dinkong tsa hao, le mahlabelo a phethehileng aletareng ya hao.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ