Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 35:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 le diketso tsa hae tsa ho qala le tsa ho qetella, bonang, di ngodilwe bukeng ya marena a Iseraele le Juda.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 ke ho re diketso tsa hae, ho tloha qalong ho isa qetellong, di ngotswe Bukeng ya Dikgosi tsa Iseraele le tsa Juda.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 35:27
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Haele taba tse ding tsa Jehu, le tsohle tseo a di entseng, le matla a hae wohle, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Iseraele?


Haele taba tse ding tseo Akase a di entseng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Juda?


Haele taba tse ding tsa Esekiase, le matla a hae wohle, le kamoo a entseng letsha le moedi kateng, a tlisa metsi motseng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Juda?


Haele taba tse ding tseo Amone a di entseng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Juda?


Haele ditaba tsa Roboame, tsa ho qala le tsa ho qetella, ha ke re, di ngodilwe dibukeng tsa Shemaia moporofeta le tsa Iddo seboni, dibukeng tsa meloko? Ntwa ya nna ya eba teng mahareng a Roboame le Jeroboame tshiung tsohle tsa bona.


Haele ditaba tse ding tsa Josafate, tsa ho qala le tsa ho qetela, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa Jehu, mora Hanani, e neng e kenngwe bukeng ya marena a Iseraele.


Haele ditaba tsa bara ba hae le tse ngata tse porofetilweng hodima hae, le tokiso ya ntlo ya Modimo, bonang, taba tseo di ngodilwe dihlalosong tsa buka ya marena. Mme Amatsia, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.


Ditaba tse ding tsa Amatsia, tsa ho qala le tsa ho qetella, bonang, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya marena a Juda le Iseraele?


Haele ditaba tse ding tsa Osiase, tsa ho qala le tsa ho qetella, di ngodilwe ke Esaia, mora Amotse, moporofeta.


Haele ditaba tse ding tsa Esekiase, le diketso tsa hae tsa borapedi, bonang, di ngodilwe bukeng ya pono ya Esaia, mora Amotse, moporofeta, bukeng ya marena a Juda le Iseraele.


Haele thapelo ya hae, le mokgwa oo Modimo o kileng wa mo mamela, le dibe tsa hae, le tshito tsa hae, le dibaka tseo a kileng a haba dinqalo tse diphahameng ho tsona, le moo a emisitseng diashera le ditshwantsho tse betlilweng, a eso ho ikokobetse, bonang, di ngodilwe bukeng ya Hosai.


Haele ditaba tse ding tsa hae, le diketso tsa hae tsa borapedi tsa ho ya ka tse ngodilweng molaong wa Jehova,


Yaba setjhaba sa lefatshe la Juda sa nka Joakase, mora Josiase, sa mmea morena tulong tsa ntatae Jerusalema.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ