Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 35:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Empa Josiase a hana ho mo kgeloha, a mpa a ikgakanya ho ya mo lwantsha; ha a ka a mamela mantswe a Neko, a neng a etswa molomong wa Modimo; mme a tla lwana lehwatateng la Megiddo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

22 Leha ho le jwalo, Josiya a hana ho kgutla, a ikgakanya, e le hore a tle a mo lwantshe. A se ke a mamela mantswe a Neko, a tswang molomong wa Modimo, a ya ka kgohlong ya Megido ho ya lwantsha Neko.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 35:22
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jeroboame a re ho mosadi wa hae: Tloha, o ikgakanye, ho tle ho se ke ha tsejwa hobane o mosadi wa Jeroboame; o ye Silo; bona, moporofeta Akija o hona teng; ke yena ya neng a mpolelle hore ke tla ba morena wa setjhaba sena.


Morena wa Iseraele a re ho Josafate: Nke ke ikgakanye, ke ye jwalo ntweng; wena, o apare kobo tsa hao. Ebile morena wa Iseraele o ikgakanya, a ya ntweng.


Jwale monna e mong a fula ka seqha sa hae, a sa kgethe; athe o hlaba morena wa Iseraele makopanong a tshireletso ya sefuba. Yaba Akabe o re ho ya tsamaisang koloi ya hae: Sokolla koloi, o ntlose ntweng, hobane ke hlabilwe.


Yaba bahlanka ba hae ba tloha Megiddo, ba mo isa Jerusalema ka koloi, a se a shwele, mme ba mo pata lebitleng la hae. Yaba setjhaba sa lefatshe la Juda se nka Joakase, mora Josiase; ba mo tlotsa, ba mmea morena tulong tsa ntatae.


Eitse Akasia, morena wa Juda, ha a bona hoo, a baleha ka tsela e yang tlung e ka tshimong. Jehu a mo phallela, a re: Le yena le mmolaele koloing. Ba mo hlabela moepeng wa Gure, o pela Jibleame; a ba a balehela Megiddo, a shwela teng.


Morena wa Iseraele a re ho Josafate: Nke ke ikgakanye, ke ye jwalo ntweng; wena, o apare kobo tsa hao. Morena wa Iseraele a ikgakanya, mme ba kena ntweng.


Neko a mo romela manqosa, a re: Ke na le taba efe le wena, morena wa Juda? Ha ke futuhele wena kajeno, ke mpa ke futuhela ntlo eo ke lwanang le yona; Modimo o itse, ke phakise. Lesa, wena, ho hanela Modimo o nang le nna, esere wa o timetsa.


Ba fulang ka diqha ba betsa morena Josiase, mme morena a re ho bahlanka ba hae: Ntloseng, hobane ke hlabilwe habohloko.


Na o re, o tla busa kahobane o lakatsa ntlo ya kedare na? Ha ke re, le ntatao o kile a ja le ho nwa na? Empa o ne a ntse a etsa ka kahlolo le ka ho loka; o ne a ena le kgotso ke hona.


Ka tsatsi leo, dillo di tla ba kgolo Jerusalema, di be jwaloka dillo tsa Hadadrimmone, sekgutlong sa Megiddone.


Fatsheng la Issaskare le la Asere, Manasse a newa Bethe-Sheane le metse ya teng, le Jibleame le metse ya teng, le ba ahileng Dore le metseng ya teng, le ba ahileng Ene-Dore le metseng ya teng, le ba ahileng Thaanake le metseng ya teng, le ba ahileng Megiddo le metseng ya teng, le diqepho tse tharo.


Ebile banna ba Iseraele ba nka mofahong wa bona, ba sa ka ba botsa molomo wa Jehova.


Mme ya ba bokella thoteng e bitswang Harmagedone, ka Seheberu.


Marena a tla, a lwana; ha lwana marena a Kanana, pela Thaanake, metsing a Meggido, a mpa a se ke a hapa dintho, leha e le tjhelete.


Kahoo, Saule a ikgakanya, a apara diaparo tsa e mong, a ya le banna ba babedi. Ba tla ho mosadi bosiu, Saule a re ho yena: Ako nnohele, mme o nnyollele eo ke tla o bolella yena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ