18 Ho ne ho eso ho ka ho etswa Paseka e jwaloka eo Iseraeleng, haesale mehleng ya Samuele moporofeta; mme hara marena wohle a Iseraele, ho ne ho eso ho ka ho eba le a mong ya kileng a etsa Paseka e jwaloka e entsweng ke morena Josiase, ba ena le baprista, le Balevi, le Bajuda bohle, le Iseraele, ho ena le baahi ba Jerusalema le bona.
18 Ho ne ho eso ka ho eba le mokete wa Paseka o jwalo, o kileng wa eba teng naheng ya Iseraele, ho tloha mehleng ya moporofeta Samuele. Le dikgosi tsohle tsa Iseraele di ne di eso ka di etsa mokete wa Paseka o jwaloka oo Josiya a ileng a o etsa le baprista, le Balevi, le setjhaba sohle sa Juda, le Baiseraele ba neng ba le teng, le baahi ba Jerusalema.
mme ba rera tsena: ha thwe, tsebiso e ka kgona e fetisetswe naheng yohle ya Iseraele, ho tloha Beerseba ho isa Dane, ya hore setjhaba se tle Jerusalema ho etsa Paseka ya Jehova, Modimo wa Iseraele; hobane ka dilemo tse ngata tse itseng, e ne e sa ka ya etswa kamoo taba tsa yona di ngodilweng kateng.