Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 35:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Le tsona dibini, bara ba Asafe, di ne di eme tulong tsa tsona, kamoo ho neng ho laetse Davida kateng, le Asafe, le Hemane, le Jeduthune, seboni sa morena; le bona balebedi ba menyako ba ne ba eme monyakong o mong le o mong; ha ho le a mong ya kileng a tloha tshebeletsong ya hae, hobane Balevi, banababo bona, ba ne ba ba lokiseditse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Dibini, e leng ditloholo tsa Asafo, di ne di le ditulong tsa tsona, ho ya ka taelo ya Davida, le ya Asafo, le ya Hemane, le ya Jedutune, senohe sa kgosi. Balebedi ba neng ba lebela monyako o mong le o mong, ba ne ba sa tshwanela ho tloha moo ba neng ba lebetse teng, hobane bana babo bona, e leng Balevi, ba ne ba ba lokisetsa dijo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 35:15
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

balebedi ba menyako ba ke ba etse dikete tse nne, mme ba kete tse nne e be ba tla rorisa Jehova ka diletsa tseo ke di entseng hore a roriswe ka tsona.


Ba ema diemeng tsa bona, ka mokgwa wa teng, kamoo ho laetseng molao wa Moshe kateng, monna wa Modimo; mme baprista ba ne ba tsholla madi ao ba neng ba a amohela matsohong a Balevi.


Yaba ba lokisa tsa bona, ba lokisetsa le baprista; hobane baprista, bara ba Aarone, ba nnile ba tshwareha ho fihlela bosiu, ba ntse ba hlahisa ditjheso le mafura a tsona; ka baka leo, Balevi ba itokisetsa tsa bona ba lokisetsa le baprista, bara ba Aarone.


Ka tsatsi lona leo, ha lokiswa tshebeletso yohle ya Jehova, ho etsa Paseka le ho hlahisa ditjheso aletareng ya Jehova, ka taelo ya morena Josiase.


A bea dihlopha tsa baprista ka ho sebetsa ha bona, kamoo ho neng ho laetse ntatae Davida kateng; a bea le Balevikabelong tsa bona tsa ho rorisa Modimo le ho etsa tsa tshebetso pontsheng ya baprista, ka tsatsi le leng le le leng; a bea le balebedi ba menyako, ka dihlopha tsa bona, monyakong o mong le o mong; hobane ho ne ho laetse jwalo Davida, monna wa Modimo.


Eitse ha ba hahang ba thea metheo ya tempele ya Jehova, baprista ba emiswa ba apere tsa bona, ba tshwere diterompeta, ba ena le Balevi, bana ba Asafe, ba tshwere disimbala ho rorisa Jehova, ba ntse ba eya ka ditaelo tsa Davida, morena wa Iseraele.


Hobane baprista le Balevi ba ne ba itlhwekisitse, jwaloka hoja ke motho a le mong; ba ne ba hlwekile kaofela. Paseka eo ba e hlabela bohle ba kgutlileng kgolehong le baprista banababo bona, mme le bona ba itlhabela.


Lentswe la ka le nyolohela ho Modimo, ke ntse ke howa; lentswe la ka le nyolohela ho Modimo; hola o ka nkutlwa!


Oho setjhaba sa ka, mamela thuto ya ka. Sekehela mantswe a molomo wa ka ditsebe.


Oho Modimo, bahedene ba kene lefeng la hao, ba silafaditse tempele ya hao e halalelang, ba entse Jerusalema dithako.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ