Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 35:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Yaba ba lokisa tsa bona, ba lokisetsa le baprista; hobane baprista, bara ba Aarone, ba nnile ba tshwareha ho fihlela bosiu, ba ntse ba hlahisa ditjheso le mafura a tsona; ka baka leo, Balevi ba itokisetsa tsa bona ba lokisetsa le baprista, bara ba Aarone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Kamora moo, ba itokisetsa dijo tsa Paseka, ba lokisetsa le baprista, hobane baprista, e leng ditloholo tsa Arone, ba ne ba ntse ba etsa dinyehelo tsa setjheso, le tsa mafura, ho fihlela e eba bosiu. Ka baka leo, Balevi ba itokisetsa dijo tsa Paseka, ba lokisetsa le baprista, e leng ditloholo tsa Arone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 35:14
5 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba besa Paseka mollong, ka taelo; haele dinama tse halalelang, ba di pheha dipitseng tse kgolo, le dipitseng tse nyenyane, le dipaneng; ba ntoo phakisa ho di isa ho bana bohle ba setjhaba.


Le tsona dibini, bara ba Asafe, di ne di eme tulong tsa tsona, kamoo ho neng ho laetse Davida kateng, le Asafe, le Hemane, le Jeduthune, seboni sa morena; le bona balebedi ba menyako ba ne ba eme monyakong o mong le o mong; ha ho le a mong ya kileng a tloha tshebeletsong ya hae, hobane Balevi, banababo bona, ba ne ba ba lokiseditse.


Eitse ha ba hahang ba thea metheo ya tempele ya Jehova, baprista ba emiswa ba apere tsa bona, ba tshwere diterompeta, ba ena le Balevi, bana ba Asafe, ba tshwere disimbala ho rorisa Jehova, ba ntse ba eya ka ditaelo tsa Davida, morena wa Iseraele.


Hobane baprista le Balevi ba ne ba itlhwekisitse, jwaloka hoja ke motho a le mong; ba ne ba hlwekile kaofela. Paseka eo ba e hlabela bohle ba kgutlileng kgolehong le baprista banababo bona, mme le bona ba itlhabela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ