Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 34:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 morena a ema tulong tsa hae, a hlaba selekane pela Jehova, sa ho latela Jehova le sa ho boloka ditaelo tsa hae, le ditemoso tsa hae, le dikomelo tsa hae, ka pelo yohle ya hae le ka moya wohle wa hae, sa ho re, o tla etsa ka dipolelo tsa selekane tse ngodilweng bukeng ena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

31 Kgosi ya ema ditulong tsa yona, ya etsa selekane kapele ho Morena, ya re e tla latela Morena, e boloke ditaelo tsa hae, le ditemoso tsa hae, le melao ya hae, ka pelo ya yona yohle, le ka moya wa yona wohle, ho phethisa mantswe a selekane, a ngotsweng bukeng ena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 34:31
30 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A tadima, a bona morena a eme pela tshiya ka mokgwa wa teng, le mahosana le ba letsang diterompeta ba le pela morena, setjhaba sohle sa naha se thabile, se letsa diterompeta. Ebile Athalia o hahola diaparo tsa hae, a memetsa, a re: Jo! phetohelo! phetohelo!


Jwale, Jehojada a hlaba selekane mahareng a Jehova le morena le setjhaba, hore e fele e be setjhaba sa Jehova, le selekane mahareng a morena le setjhaba.


Ka selemo sa bosupa, Jehojada a romela, a lata balaodi ba makgolo le matona le bahlabani, a ba biletsa ka tlung ya Jehova; a hlaba selekane le bona, a ba hlapantsha ka tlung ya Jehova, a ntoo ba bontsha mora morena.


Yena morena a ema pela tshiya, a hlaba selekane pela Jehova, sa ho latela Jehova, le sa ho boloka ditaelo tsa hae, le dikahlolo tsa hae, le melao ya hae, ka pelo yohle le ka moya wohle, le sa ho etsa le ka taba tsa selekane tse ngodilweng bukeng eo. Le sona setjhaba sohle sa emela selekane seo.


Ba itlama pela Jehova ka selekane sa hore ba tla batla Jehova, Modimo wa bontata bona, ka pelo yohle le ka moya wohle;


Bajuda kaofela ba thabela kano eo, hobane ba ne ba itlamile ka kano eo ka dipelo tsohle tsa bona, mme ba ne ba batlile Modimo ka takatso e tletseng ya bona; wa ba wa fumanwa ke bona; mme Jehova a ba nea phomolo ka nqa tsohle.


Jwale, Jehojada a hlaba selekane mahareng a hae le setjhaba le morena, hore e fela e be setjhaba sa Jehova.


Jwale, ke na le pelo ya ho hlaba selekane le Jehova, Modimo wa Iseraele, hore bohale ba kgalefo ya hae bo ke bo re kgelohe.


Ba ema diemeng tsa bona, ka mokgwa wa teng, kamoo ho laetseng molao wa Moshe kateng, monna wa Modimo; mme baprista ba ne ba tsholla madi ao ba neng ba a amohela matsohong a Balevi.


Mesebetsing yohle eo a kileng a e rerela tshebeletso ya ntlo ya Modimo, kapa tiiso ya molao le ya ditaelo, o nnile a etsa ka pelo yohle ya hae, a ntse a batla Modimo, mme a nna a atleha.


A kenya bohle ba neng ba le Jerusalema le Benjamine selekaneng seo; mme baahi ba Jerusalema ba ya ka selekane sa Modimo, Modimo wa bontata bona.


Hobane Salomone o ne a entse setulo sa koporo, se bolelele ba ditswe tse hlano, le bophara ba ditswe tse hlano, le bophahamo ba ditswe tse tharo, a se beile hara lebala; a ema teng, a ntoo kgumama pontsheng ya phutheho yohle ya Iseraele, a emisetsa matsoho a hae nqa mahodimong,


A re keng re hlabe selekane le Modimo wa rona, sa ho kgutlisa basadi bao bohle le bana ba tswetsweng ke bona, jwalokaha ho eleditse monghadi wa ka le ba thothometswang ke molao wa Modimo wa rona, mme hona ho ke ho etswe ka molao.


ba ikopanya le banababo bona, mahosana, mme ba kena le bona hlapanyong le kanong, ba re, ba tla tsamaya molaong wa Modimo oo ba o neilweng ka Moshe, mohlanka wa Modimo, mme ba tla boloka ditaelo tsohle tsa Jehova, Morena wa rona, le dikahlolo tsa hae, le melao ya hae, mme ba tla ya ka tsona;


ra itlama hore ha re ka ke ra neela baditjhaba ba lefatshe leo baradi ba rona, leha e le ho nkela bara ba rona baradi ba bona.


Taba ha di le jwalo, ra etsa tumellano, ra e ngola, mme ya tiiswa ka tiiso ya dihlooho tsa rona, le ya Balevi ba rona, le ya baprista ba rona.


Ke hlapantse, mme ke tla tiisa, ke itse, ke tla ya ka dikahlolo tse lokileng tsa hao.


Betang dipelo, le tiye, lona kaofela ba itshepelang Jehova!


Ba tla botsa tsela ya Sione, difahleho tsa bona ba di lebisitse teng, ba re: Tloong, le kgomarele Jehova ka selekane se sa feleng, se se nang ho lebalwa.


Morena o tla tla ka tsela ya mathule a monyako, ka nqa kantle, a eme pela dikosene tsa monyako; baprista ba tla hlaba setjheso sa hae le mahlabelo a hae a teboho; o tla kgumama mohatong wa monyako, a ntoo tswela ntle; mme monyako o se ke wa kwalwa ho isa mantsiboya.


Latelang Jehova, Modimo wa lona, le tshabe yena, le boloke ditaelo tsa hae, mme le utlwe lentswe la hae; le mo sebeletse, mme le mo kgomarele.


Empa moporofeta eo, kapa molori eo wa ditoro, o tla bolawa, kahobane a boletse tsa ho fetohela Jehova, Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, ya o lopolotseng tlung ya bohlanka; o ratile ho o faposa tsela eo Jehova, Modimo wa hao, a o laetseng ho tsamaya ka yona. O tlose bobe ha eno jwalo.


Dipolelo tsa selekane seo Jehova a laetseng Moshe ho se etsa le bana ba Iseraele, naheng ya Moabe, kantle ho selekane seo a neng a se entse le bona Horebe, ke tsena:


Rata Jehova, Modimo wa hao, ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka matla a hao wohle.


Yaba Joshua o tlabola selekane le setjhaba, a se beela molao le taelo Sikeme.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ